Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 40:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Lentswe le tswang ho Jehova la tla ho Jeremia, hobane Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a mo kgutlisa Rama, kamoo a neng a ile le yena kateng, a mo tlamile ka mahlaahlela, a le hara ba tshwerweng kaofela ba Jerusalema le ba Juda ba iswang kgolehong Babilona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Lena ke lentswe la Morena le ileng la fihla ho Jeremia, hoba Nebusaradane, mookamedi wa balebedi ba kgosi, a mo lokolle motseng wa Rama. O ne a ile a fumana Jeremia a tlanngwe ka mahlaahlela, a le hara bathopuwa bohle ba neng ba etswa Jerusalema le Juda, ba iswa bothopuweng, Babilona.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 40:1
14 Referencias Cruzadas  

Ka selemo sa mashome a mararo a metso e tsheletseng sa ho busa ha Asa, Baesha, morena wa Iseraele, a futuhela Juda, mme a haha Rama, hore ho tle ho se ke ha eba motho wa Asa, morena wa Juda, ya dumellwang ho tswa le ho kena.


hobane o robakile menyako ya koporo, a thuhakanya mekwallo ya tshepe.


Modimo o lokisetsa ba qhalaneng bodulo, o lokolla ba tshwerweng ho ba kenya naleng; empa bakwenehi ba ikahella naheng e tshehla.


Ho itswe ke Jehova: Mohoo o utlwahetse Rama, wa pokollo, wa dillo tse bohlokohloko: ke Ragele ya llelang bana ba hae, ya hanang ho tshediswa bakeng sa bana ba hae, hobane ha ba sa le yo.


Masala a setjhaba a sa setseng motseng, le bakwenehi ba neng ba ineetse yena, le masala a sa setseng a setjhaba, Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a ba isa kgolehong, Babilona.


Eitse hobane ho fete ditshiu tse leshome, lentswe la Jehova la tla ho Jeremia.


Ka selemo sa leshome le metso e mmedi sa kgoleho ya rona, ka kgwedi ya leshome, ka la bohlano la kgwedi, mophonyohi e mong wa Jerusalema a fihla ha ka, a re: Motse o hlotswe.


Pauluse a mpa a araba, a re: Le etsang ha le lla jwalo, le ho tepeletsa pelo ya ka? Athe ke itokiseditse, e seng ho tlangwa feela, empa e le le ho shwela lebitso la Morena Jesu Jerusalema.


Ke ka baka leo ke le bitsitseng ho le bona le ho bua le lona; hobane ke tlamilwe ka lehlaahlela lena ka baka la tshepo ya Iseraele.


eo ke leng lenqosa la yona, leha ke tlamilwe ka mahlaahlela, hore ke bolele ditaba tsa yona ka matla, jwalokaha ke tshwanetse ho di bolela.


Hape, ke Gibeone, Rama, Beerothe;


O ne a kgutlela Rama, moo ntlo ya hae e neng e le teng. Le teng, a nna a ahlolela Iseraele, a ba a hahela Jehova aletare teng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos