Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jeremia 39:17 - BIBELE

17 Empa ka lona letsatsi leo, ke tla o pholosa, ho rialo Morena. Ha ho ka ke ha neelanwa ka wena matsohong a bao o ba tshabang.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Empa ke tla o namolela tsatsing leo, ho bolela Jehova, o ke se ke wa neelwa matsohong a batho bao o ba tshabang.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 39:17
16 Referencias Cruzadas  

Hoba tsena di fete, lentswe la Morena la bua ho Aborame ponong, la re: “Se tshabe, Aborame! Ke thebe ya hao; moputso wa hao o tla ba moholo haholo.”


Davida a re ho Gade: “Ke tlaletswe haholo! Ho ena le ho wela diatleng tsa motho, re ka mpa ra wela diatleng tsa Morena, hobane mohau wa hae o moholo.”


Yaba Elia o re: “Ka Morena ya phelang, molaodi wa tsohle eo ke mo sebeletsang, ke a o tiisetsa, ke tla ikisa ho yena kajeno.”


Kahoo Obadiya a ya ho Akabe, a mmolella. Yaba Akabe o ya kgahlanyetsa Elia.


Moporofeta a mo araba, a re: “O se ke wa tshaba. Ba ka lehlakoreng la rona ba bangata ho feta ba ka lehlakoreng la bona.”


Ipiletse ho nna ka nako ya matshwenyeho; ke tla o lopolla, mme wena o tla ntlotlisa.”


ba tla o tsohela matla, ba o lwantshe, empa ho o hlola ba ke ke be ba o hlola, hobane ke na le wena ho o namolela,” ho rialo Morena.


Bo-Shefatiya, mora wa Matane, le Gedaleya, mora wa Pashahure, le Jukale, mora wa Shelemiya, le Pashahure, mora wa Malakiya, ba utlwa mantswe ao Jeremia a ileng a a bua ho setjhaba sohle, a re:


“Monga ka, kgosi ya ka, banna bana ba etseditse moporofeta Jeremia bokgopo ka ho mo lahlela ka mokoting; a ka nna a shwela kamoo ka mokoting ke tlala, hobane ha ho sa na dijo motseng mona.”


Yaba kgosi e laela hore ba tlise Daniele, mme ba mo akgela ka mokoting o moholo wa ditau. Jwale kgosi ya re ho Daniele: “Modimo wa hao, eo o mo sebeletsang ka botshepehi, o tla o pholosa!”


“Kgosi e tla ba araba, e re: ‘Ruri ke a le bolella, seo le se etseditseng e mong wa bao ba banyenyane ho bana beso, le se etseditse nna.’


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos