Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 21:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Boporofeta hodima Duma: Mohoo o tswang Seire o fihlile ho nna, o re: Sebohodi, nako ya bosiu ke efe? Sebohodi, nako ya bosiu ke efe?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Bona ke boporofeta malebana le Duma: Ke howeletswa ke motho a le Seire, o re: “Sebohodi, ekaba bosiu bo tla sa neng? Sebohodi, ekaba bosiu bo tla sa neng?”

Ver Capítulo Copiar




Isaia 21:11
24 Referencias Cruzadas  

le Mishma, le Duma, le Masa,


Jakobo a eteletsa manqosa pele, a yang ho Esau, moholwane wa hae, naheng ya Seire, lefatsheng la Edomo;


a a laela, a re: Le tle le re ho Esau, morenaka: Jakobo, mohlanka wa hao, o re: Ke ne ke jakile ho Labane, ka dula teng ho fihlela jwale;


Mishma, Duma, Masa, Hadade, le Thema,


Jehova, o elellwe bana ba Edomo, kamoo ba itseng letsatsing la Jerusalema kateng: Qhaqhollang, qhaqhollang ho isa metheong ya hae!


Ka kgahlana le dibohodi tse potapotang motseng, ka re: Na ha le a ka la bona ya ratwang ke moya wa me na?


Sebohodi se re: Meso e a hlaha, ho ntoo ba bosiu. Ha le rata ho botsa, botsang! Sokolohang, le boye.


Hobane Morena o itse ho nna: Bea sebohodi, se bolele seo se se bonang.


Morena Tsedekia a ntoo romela ho mo lata, mme morena a mmotsa ka tlung ya hae, ka sephiring, a re: Na lentswe le teng le tswang ho Jehova na? Yaba Jeremia o araba, a re: Le teng. Mme a re: O tla neelwa matsohong a morena wa Babilona.


Ke beile ho lona dibohodi tse reng: Mamelang lentswe la terompeta. Ba mpa ba re: Ha re na ho mamela.


Morena Jehova o re: Erekaha Baedomo ba entse phetetso e thata ka ntlo ya Juda, ba ikentse molato haholo ka ho iphetetsa ho yona,


Haele wena, mora motho, ke o entse sebohodi sa ntlo ya Iseraele. O tla mamela lentswe le tswang molomong wa ka, o ba eletse ka lebitso la ka.


Egepeta o tla fetoha nahathothe, Edomo e be sebataolo, kahobane ba tsohetse bana ba Juda matla, ba tsholotse madi a se nang molato naheng ya bona.


Jehova o itse: Ka baka la melato e meraro, kapa e mene ya Gasa — teng nke ke ka fetoha — kahobane ba ile le ba hapilweng ba bangata ho ba neela Baedomo,


Edomo ke leruo la hae; Seire, sera sa hae, o ruuwa ke yena, mme Iseraele o hlahisa bonatla ba hae;


le se ke la qabana le bona, hobane ha nka ke ka le nea letho naheng ya bona, leha e le sebaka se ka ka se ka hatwang ke leoto; hobane ke neile Esau thaba ye Seire, e be lefa la hae.


Arabe, Duma, Esheane,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos