Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Isaia 21:11 - BIBELE

11 Bona ke boporofeta malebana le Duma: Ke howeletswa ke motho a le Seire, o re: “Sebohodi, ekaba bosiu bo tla sa neng? Sebohodi, ekaba bosiu bo tla sa neng?”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Boporofeta hodima Duma: Mohoo o tswang Seire o fihlile ho nna, o re: Sebohodi, nako ya bosiu ke efe? Sebohodi, nako ya bosiu ke efe?

Ver Capítulo Copiar




Isaia 21:11
24 Referencias Cruzadas  

le Mishema, le Duma, le Masa,


Jakobo a eteletsa maqosa pele ho ya ho moholwane wa hae Esau, naheng ya Seire, lefatsheng la Edomo.


A laela maqosa ao, a re: “Le tle le bue tjena ho morena ka, Esau: ‘Mohlanka wa hao, Jakobo, o bua tjena: Ke ne ke jakile ha Labane, ka dula teng ho fihlela jwale.


le Mishema, le Duma, le Masa, le Hadade, le Tema,


Morena, ako hopole, ako hopole bana ba Edomo, mohla letsatsi la Jerusalema, ha ba ne ba re: “E heletseng, e heletseng, ho isa metheong ya yona!”


Ka teana le balebedi ba ntse ba potoloha le motse, ka re ho bona: “Na le kile la bona moratuwa wa ka?”


Sebohodi sa araba, sa re: “Tsatsi le tla tjhaba, ho boele ho phirime. Ha le rata ho botsa, botsang! Le boele le kgutle le tlo botsa hape!”


Morena o itse ho nna: “Tsamaya o yo bea sebohodi, se tle se behe seo se se bonang.


Yaba kgosi Sedekiya o laela hore Jeremia a ntshwe ka tjhankaneng, a tliswe tlung ya bokgosi, mme a mmotsa ka lekunutu, a re: “Na o na le molaetsa o tswang ho Morena?” Jeremia a araba, a re: “E, o teng. Morena o itse ho tla neelanwa ka wena matsohong a kgosi ya Babilona.”


Yaba ke le kgethela balebedi, ka re: ‘Mamelang modumo wa lenaka ha le lla!’ Empa lona la re: ‘Ha re ka ke ra o mamela!’


Morena Modimo o bua tjena: “Erekaha Edomo e ipheteditse ho ba ntlo ya Juda, mme ya eba molato o moholo ka ho etsa jwalo,


“Jwale wena ngwana motho, ke o entse molebedi wa ntlo ya Iseraele; ka baka leo, ha o utlwa lentswe le tswang ho nna, o ba nee keletso ya ka.


“Egepeta e tla fetoha nanaola, Edomo yona e fetohe lefeella, hobane tjhaba sa Juda se ile sa hlekefetswa, madi a sona a tshollwa a se na molato.


Morena o bua tjena: “Baahi ba Gasa ba ntshitetswe ka makgetlo a se na palo, kahoo ha nka ke ka ba tshwarela; ba thopile setjhaba, ba se thopa kaofela ha sona, ba se rekisetsa Baedomo hore e be makgoba.


O tla hapa Edomo, a e rue, Seire, sera sa hae, le yona o tla e rua. Iseraele o tla nne a matlafale,


Le se ke la ba lwantsha. Nke ke ka le nea naha ya bona, leha e le ho ka lekanang bohato ba leoto feela, hobane thaba ya Seire ke e neile Esau hore e be ya hae.


E be Arabe, le Duma, le Eshane,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos