Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 21:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Oho, setjhaba sa ka se hatakelwang jwaloka koro seotlong, tseo ke di utlwileng ho Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele, ke le boleletse tsona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Oho, tjhaba sa ka se ripitlilweng seotlong, jwaloka koro, ke le bolella seo ke se utlwileng, ke se utlwa ho Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele.

Ver Capítulo Copiar




Isaia 21:10
13 Referencias Cruzadas  

Mikea a re: Ka Jehova ya utlwang, seo Jehova a tla mpolella sona, ke sona seo ke tla se bolela.


Joakase ha a ka a tlohellwa batho, haese bakalli ba mashome a mahlano, le makoloi a leshome, le dikete tse leshome tsa ba maoto; hobane morena wa Siria o ne a ba timeditse, a ba etsa jwaloka lerole ha le hatwa ka maoto.


Koro e ye e polwe, empa motho a ke ke a nna a e pola kamehla; leha a e hata ka maoto a koloi ya hae, mme pere tsa hae di e hata, ha e a tule.


Moporofeta ya nang le toro a ke a bolele toro, ya nang le lentswe la ka a ke a bolele lentswe la ka ka nnete. Mooko o etsang hara koro, ho bolela Jehova?


Hobane ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Moradi wa Babilona o jwaloka seotlo ka nako eo ho polwang ho sona; ho sa le motsotso o se okae, ho ntoo ba nako ya kotulo ho yena.


Monna eo a re ho nna: Mora motho, tadima ka mahlo a hao, o mamele ka ditsebe tsa hao, o ele tsohle tseo ke tla o bontsha tsona hloko; hobane ha o tlisitswe kwano, ke hore ke o bontshe tsona; o tle o tsebise ntlo ya Iseraele tsohle tseo o di bonang.


Tau e a rora: ya sa tlo tshoha ke mang? Morena Jehova o a bua: ya sa tlo porofeta ke mang?


Tsoha, o pole, moradi wa Sione, hobane lenaka la hao ke tla le fetola tshepe, ditlhako tsa hao e be koporo, o tle o thuhake di tjhaba tse ngata; ke tla kgethela Jehova leruo la tsona, monono wa tsona ke o kgethele Morena wa lefatshe lohle.


O haola lefatshe ka kgalefo, o hatakela ditjhaba ka bohale.


Seoloso sa hae se letsohong la hae; o tla fiela seotlo sa hae ruri, a bokelle koro ya hae modikong, mooko wona a o tjhese mollong o sa timeng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos