Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Isaia 21:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Sebohodi se re: Meso e a hlaha, ho ntoo ba bosiu. Ha le rata ho botsa, botsang! Sokolohang, le boye.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Sebohodi sa araba, sa re: “Tsatsi le tla tjhaba, ho boele ho phirime. Ha le rata ho botsa, botsang! Le boele le kgutle le tlo botsa hape!”

Ver Capítulo Copiar




Isaia 21:12
16 Referencias Cruzadas  

Bonang, mantsiboya, tshenyeho e hlahile hang; ha bo eso ho se, ha bo ho se ho se motho! Ke yona kabelo ya ba hapang tsa rona, le kabelo ya ba re hlobodisang.


Boporofeta hodima Duma: Mohoo o tswang Seire o fihlile ho nna, o re: Sebohodi, nako ya bosiu ke efe? Sebohodi, nako ya bosiu ke efe?


Boporofeta hodima Arabia: Le hlola bosiu masabasabeng a Arabia, lona dihlopha tsa baeti ba Dedane.


Molotsana a furalle tsela ya hae, ya kgopo a tlohele mehopolo ya hae, a sokolohele ho Jehova, mme o tla mo hauhela; a sokolohele ho Modimo wa rona, hobane o tshwarela haholo.


Hlabang dipoho kaofela tsa lona, di ke di theohele polaong. Ho madimabe bona, hobane ho tlile letsatsi la bona, nako ya kgalemelo ya bona.


Ere ho bona: Ke a phela, ho bolela Morena Jehova, ha ke kgahlwe ke lefu la molotsana, ke kgahlwa ke molotsana ha a baka mokgweng wa hae, hore a phele. Bakang, bakang mekgweng e mebe ya lona! Le rata ho shwa ka baka lang, lona ntlo ya Iseraele?


Bonang letsatsi! bonang, le tlile! tsatsi la hao le fihlile, thupa ya ho otla e thuntse, boikakaso bo tswile monoko.


Nako e tlile, letsatsi le atametse. Moreki a se ke a thaba, morekisi le yena a se ke a lla, hobane kgalefo e ya tlela letshwele lohle la bona.


Tshenolo ya Obadia. Morena Jehova o bolela tsena hodima Edomo, o re: Re utlwile taba e tswang ho Jehova, mme lenqosa le romilwe hara ditjhaba, le re: Tsohang! A re tsoheng ho mo futuhela!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos