Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esthere 4:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Barwetsana ba Esthere le matona a hae ba tla, ba mo tsebisa taba tseo. Mafumahadi a hlomoha haholo, mme a romela Mordekai diaparo ka ho re, a apare tsona, a hlobole lesela la hae le mahwashe; a mpa a se ke a di amohela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Makgabunyane a Esetere le mahaole a hae, a fihla a mmolella. Mofumahadi Esetere a utlwa bohloko haholo, mme a romela diaparo ho Moredekai, hore a apare, a hlobole tse mahwashe, empa Moredekai a se ke a di amohela.

Ver Capítulo Copiar




Esthere 4:4
10 Referencias Cruzadas  

Bara ba hae kaofela, le baradi ba hae kaofela, ba tla ho mo tshedisa, empa a hana ho itshedisa, a re: Ke tla theohela nqalong ya bafu ho mora wa ka, ke ntse ke lla. Ntatae a mo llela jwalo.


Jehu a lelaletsa mahlo a hae sefensetereng, a re: Ke mang ya nkemelang, ke mang? Balebedi ba babedi, kapa ba bararo, ba mo sheba.


Empa mofumahadi Vashti a hana ho tla ka molomo wa morena o isitsweng ho yena ke matona. Morena a halefa haholo ke hona, mme bohale ba hae ba tuka kahare ho yena.


Naheng e nngwe le e nngwe, nqalong tsohle moo lentswe la morena le taelo ya hae di fihlang teng, hlomoho ya eba kgolo ho Bajuda, le ho itima diho, le dillo, le ho bokolla; mme lesela le mahwashe le melora ya eba malao a ba bangata.


Yaba Esthere o bitsa Hathake, le leng la matona a beilweng ke morena pela hae, a mo laela hore a ye ho Mordekai, a tle a utlwe taba e leng teng le lebaka la taba eo.


Ka letsatsi la ka la matswalo ke batla Morena, ka bosiu matsoho a ka a otlolohile, a sa kgathale; moya wa ka o hana tshediso.


Motho wa ditjhaba, ya kgomaretseng Jehova, a se ke a hlahisa puo ya ho re: Jehova o tla nkgaola setjhabeng sa hae; le leqhalaha le se ke la re: Ke sefate se omeletseng.


Ho itswe ke Jehova: Mohoo o utlwahetse Rama, wa pokollo, wa dillo tse bohlokohloko: ke Ragele ya llelang bana ba hae, ya hanang ho tshediswa bakeng sa bana ba hae, hobane ha ba sa le yo.


Yaba o tloha kapele, a ya teng. Mme a bona monna wa Ethiopia, letona le leholo la Kandase, mofumahadi wa Ethiopia, le moalosi wa maruo a hae kaofela, ya neng a tlile Jerusalema ho rapela;


O tla nka karolo ya leshome ya dipeo tsa lona, le ya merara ya lona, a e nee matona a hae le bahlanka ba hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos