Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esthere 4:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Naheng e nngwe le e nngwe, nqalong tsohle moo lentswe la morena le taelo ya hae di fihlang teng, hlomoho ya eba kgolo ho Bajuda, le ho itima diho, le dillo, le ho bokolla; mme lesela le mahwashe le melora ya eba malao a ba bangata.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Naheng e nngwe le e nngwe, eo taelo ena ya kgosi e ileng ya fihla ho yona, ya eba seboko se seholo hara Bajuda. Ba itima dijo, ba lla, ba bokolla; ba bangata ba ala tse mahwashe, ba ipitika moloreng.

Ver Capítulo Copiar




Esthere 4:3
20 Referencias Cruzadas  

Mehleng ya Assueruse, — ke Assueruse eo ya neng a busa dinaha tse lekgolo le nang le mashome a mabedi a metso e supileng, ho tloha India ho ya fihla Ethiopia, —


Yaba bangodi ba morena ba bitswa ka letsatsi la leshome le metso e meraro la kgwedi ya pele; ha ngolwa kahohle kamoo ho laetsweng Hamane kateng; ha ngollwa matona a morena, le babusisi ba naha e nngwe le e nngwe, le dihlooho tsa setjhaba se seng le se seng; ha ngollwa naha e nngwe le e nngwe ka mongolo wa yona, le setjhaba se seng le se seng ka puo ya sona; mangolo a etswa ka lebitso la morena Assueruse, mme a tiiswa ka lesale la morena.


Eya phutha Bajuda bohle ba leng teng Susane; le itime dijo bakeng sa ka; le se ke la ja, leha e le ho nwa ka tshiu tse tharo, bosiu le motshehare; le nna le barwetsana ba ka, re tla itima dijo jwalo, ke ntoo kena ho morena, leha molao o sa dumele; mme leha nka timela, ke mpe ke timele.


A fihla jwalo pela monyako wa morena, hobane motho ya apereng lesela le mahwashe o ne a sa dumellwe ho kena ka monyako wa morena.


Barwetsana ba Esthere le matona a hae ba tla, ba mo tsebisa taba tseo. Mafumahadi a hlomoha haholo, mme a romela Mordekai diaparo ka ho re, a apare tsona, a hlobole lesela la hae le mahwashe; a mpa a se ke a di amohela.


a ho bea matsatsi ao a Purime nakong ya wona e beilweng, jwalokaha Mojuda Mordekai le mofumahadi Esthere ba ba beetse wona, le jwalokaha ba ipeetse wona le ho a beela ditloholo tsa bona, bakeng sa ditaba tsa ho itima dijo, le tsa mehoo ya bona.


A nka lengeta ho ikgwabitla ka lona, a ntse a dutse thotobolong.


Morena, Jehova wa makgotla, o le bileditse ho lla le ho hlomoha ka tsatsi leo, ho kuta moriri le ho apara lesela le mahwashe.


Ke hona ke reng: Ntloheleng, ke tle ke lle habohloko: se phehelleng ho ntshedisa, ha ke lla ka tshenyeho ya moradi wa setjhaba sa ka!


Na hoo ke ho itima dijo hoo ke ho ratang ho motho, mohla a hlokofatsang moya wa hae na? Ho kebisa hlooho jwaloka lodi, le ho robala hodima lesela le mahwashe le melora, na ke hona hoo o ho bitsang ho itima dijo le letsatsi le ka kgahlisang Jehova na?


Ba tla lla ka wena, ba bokolle habohloko, ba ithuntshe dihlooho ka lerole, ba bidikane moloreng.


Ka phahamisetsa mahlo a ka ho Morena Modimo ho ithusa ka thapelo le kopo, ka ho itima dijo, ka lesela le mahwashe le ka melora.


Le yena morena wa Ninive, ha taba tseo di fihla ho yena, a tloha teroneng ya hae, a hlobola kobo ya hae, a apara lesela le mahwashe, a dula moloreng.


mme a ba lahlele seboping sa mollo, moo dillo di tla ba teng le ditsikitlano tsa meno.


Yaba morena o re ho bahlanka: Mmofeng maoto le matsoho, le mo nke, mme le mo lahlele lefifing le kantle, moo dillo di tla ba teng le ditsikitlano tsa meno.


Lahlelang mohlanka ya sebodu mafifing a kantle, moo dillo di tla ba teng le ditsikitlano tsa meno.


Yaba Joshua o hahola diaparo tsa hae, a itabanya fatshe ka sefahleho pela areka ya Jehova, ya ba ya eba mantsiboya, a ena le baholo ba Iseraele, ba ithuntsheditse dihlooho ka dithole.


Manqosa ao a tla Gibea, ho Saule, a bolella setjhaba taba tseo; mme setjhaba sohle sa phahamisa lentswe, sa lla.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos