Esthere 4:3 - BIBELE3 Naheng e nngwe le e nngwe, eo taelo ena ya kgosi e ileng ya fihla ho yona, ya eba seboko se seholo hara Bajuda. Ba itima dijo, ba lla, ba bokolla; ba bangata ba ala tse mahwashe, ba ipitika moloreng. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)3 Naheng e nngwe le e nngwe, nqalong tsohle moo lentswe la morena le taelo ya hae di fihlang teng, hlomoho ya eba kgolo ho Bajuda, le ho itima diho, le dillo, le ho bokolla; mme lesela le mahwashe le melora ya eba malao a ba bangata. Ver Capítulo |
Ka letsatsi la leshome le metso e meraro la kgwedi ya pele bangodi ba kgosi ba bitswa, ba ngolla balaodi ba kgosi, le babusi ba dinaha tsohle le mahosana a dinaha tsohle, ho ya kamoo Hamane a ileng a laela kateng. Mangolo ana a ngollwa ditjhaba tsohle ka mengolo ya tsona le ka dipuo tsa tsona; a ngolwa lebitsong la kgosi Ahashuerushe, a tiiswa ka tiiso ya lesale la kgosi la monwana.
“Tsamaya, o yo phutha Bajuda bohle ba teng mona Shushane. Ka matsatsi a mararo, bosiu le motsheare, le itime dijo ka baka la ka, le se ke la ba la ja letho, kapa la nwa letho. Le rona le makgabunyane a ka re tla itima dijo ka mokgwa o jwalo. Jwale ke hona ke tla ya ho kgosi, le hoja e tla be e se ka molao. Haeba ke eshwa, ke tla shwa.”
Na oo ke mokgwa wa ho itima dijo, na ke mokgwa oo ke o kgethileng, wa hore motho a itlhokofatse ka tsatsi le le leng? Wa hore a kebise hlooho jwaloka letsepa la lehlaka, a ipitike hodima tse mahwashe, a be a itshelake ka molora? Na oo ke wona mokgwa wa ho itima dijo? Na tsatsi le tjee le ka amoheleha ho Morena?