Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esthere 4:4 - BIBELE

4 Makgabunyane a Esetere le mahaole a hae, a fihla a mmolella. Mofumahadi Esetere a utlwa bohloko haholo, mme a romela diaparo ho Moredekai, hore a apare, a hlobole tse mahwashe, empa Moredekai a se ke a di amohela.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Barwetsana ba Esthere le matona a hae ba tla, ba mo tsebisa taba tseo. Mafumahadi a hlomoha haholo, mme a romela Mordekai diaparo ka ho re, a apare tsona, a hlobole lesela la hae le mahwashe; a mpa a se ke a di amohela.

Ver Capítulo Copiar




Esthere 4:4
10 Referencias Cruzadas  

Bara ba hae bohle, le baradi ba hae bohle, ba ema ka maoto ho mo tshedisa, empa a se ke a tshediseha, a mpa a re: “Ke tla theohela Nqalong ya Bafu, ho mora wa ka, ke ntse ke lla.” Kahoo ntatae a mo llela.


Jehu a tadima fesetereng, a re: “Ke mang ya ka lehlakoreng la ka? Ke mang?” Yaba basebeletsi ba babedi kapa ba bararo ba a mo tadima.


Empa mofumahadi Fashiti a hana ho tla ha mahaole a mo tsebisa taelo ya kgosi. Ka baka lena, kgosi ya halefa haholo, mme kgalefo ya yona ya tlokoma.


Naheng e nngwe le e nngwe, eo taelo ena ya kgosi e ileng ya fihla ho yona, ya eba seboko se seholo hara Bajuda. Ba itima dijo, ba lla, ba bokolla; ba bangata ba ala tse mahwashe, ba ipitika moloreng.


Jwale Esetere a bitsa Hatake, e mong wa mahaole a kgosi ya neng a mo sebeletsa, a mo laela hore a yo bona hore na molato ke ofe ho Moredekai, le hore na ke hobaneng.


Sello sa ka se nyolohela ho Modimo, ke llela ho yena; sello sa ka se nyolohela ho Modimo, o tla ntshekehela tsebe.


“Se dumelle moditjhaba ya ikabetseng Morena hore a re: ‘Morena o tla nkgetholla tjhabeng sa hae ho hang!’ Se dumelle lehaole ho ipelaetsa, le re: ‘Nna ke sefate se omeletseng!’ ”


Morena o bua tjena: “Mohoo o utlwahetse Rama, seboko le sello sa mmokotsane; Ragele o llela bana ba hae, Ragele o hana ho tshediseha, hobane bana ba hae ha ba sa le yo.”


A ema, a tsamaya. Ho ne ho ena le monna wa Mokushe wa lehaole, e le letona la Kandake, mofumahadi wa Bakushe, le modisa wa matlotlo a hae wohle. O ne a tlile Jerusalema ho tla kgumamela Modimo.


E tla nka karolo e le nngwe ho tse leshome tsa koro ya lona le tsa morara wa lona, e e nee balaodi ba yona le bahlanka ba yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos