Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esthere 4:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Yaba Esthere o bitsa Hathake, le leng la matona a beilweng ke morena pela hae, a mo laela hore a ye ho Mordekai, a tle a utlwe taba e leng teng le lebaka la taba eo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Jwale Esetere a bitsa Hatake, e mong wa mahaole a kgosi ya neng a mo sebeletsa, a mo laela hore a yo bona hore na molato ke ofe ho Moredekai, le hore na ke hobaneng.

Ver Capítulo Copiar




Esthere 4:5
10 Referencias Cruzadas  

Ka tsatsi la bosupa, eitse ha pelo ya morena e thabile ke veine, a laela Mehumane, le Bistha, le Karbona, le Bigtha, le Abagtha, le Sethare, le Karkase, e leng matona a supileng a emang pela morena Assueruse ho mo sebeletsa,


Empa mofumahadi Vashti a hana ho tla ka molomo wa morena o isitsweng ho yena ke matona. Morena a halefa haholo ke hona, mme bohale ba hae ba tuka kahare ho yena.


Yaba Esthere o bua le Hathake, a mo laela hore a isetse Mordekai lentswe le reng:


Barwetsana ba Esthere le matona a hae ba tla, ba mo tsebisa taba tseo. Mafumahadi a hlomoha haholo, mme a romela Mordekai diaparo ka ho re, a apare tsona, a hlobole lesela la hae le mahwashe; a mpa a se ke a di amohela.


Hathake a tswela ho Mordekai a le lepatlelong la motse le pela monyako wa morena.


Mme Hathake a tla, a tsebisa Esthere mantswe a Mordekai.


Thabang le ba thabileng, mme le lle le ba llang.


Mme setho se seng ha se utlwa bohloko, ditho tsohle di utlwa bohloko le sona; leha setho se seng se tlotliswa, ditho tsohle di thaba le sona.


E mong le e mong a se ka a hlokomela tseo e leng tsa hae feela, a mpe a hlokomele le tseo e leng tsa ba bang.


Hobane moprista e moholo eo re nang le yena, hase ya ka sitwang ho re utlwela bohloko mefokolong ya rona; hobane o lekilwe nthong tsohle jwaloka rona, empa ha a ka a etsa sebe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos