Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 36:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Yaba Moshe o bitsa Betsaleele le Oholiabe, le banna bohle ba masene bao Jehova a kentseng bohlale pelong tsa bona, e leng bohle ba kgannilweng ke pelo tsa bona ho tla etsa mosebetsi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 Yaba Moshe o bitsa Besalele le Oholeabe, le batho bohle ba pelo di bohlale, bao Morena a ba neileng bohlale dipelong tsa bona, ba ratang, hore ba tle mosebetsing, ba sebetse.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 36:2
15 Referencias Cruzadas  

Bona hape, dihlopha tsa baprista le tsa Balevi ke tseo, kamoo di lokiseditsweng tshebeletso yohle ya ntlo ya Modimo kateng; hape, bakeng sa mosebetsi wohle, o na le banna bohle ba pelo tse ratang, ba masene mesebetsing yohle; hapehape, dihlooho le sona setjhaba kaofela ha sona di tla ba teng ho wena, ho etsa tsohle tseo o tla di laela.


kgauta e bewe ho tse tshwanetseng ho etswa ka kgauta, le silefera ho tse tshwanetseng ho etswa ka silefera, ho etswang ke malala a dikgauta. Hape, ke mang ya ratang ho ikgethela Jehova kajeno?


Bua le bana ba Iseraele hore ba nntshetse kabelo ya seo ba nang le sona; le amohele kabelo ya motho ka mong ya nntshetsang yona ka pelo e ntle.


O hlokomele ho etsa ntho tseo ka tekanyetso eo o e bontshitsweng thabeng.


O bue le banna ba masene, bao ke ba tshetseng ka moya wa hlalefo, ba tle ba etsetse Aarone diaparo tse mo kgethang, hore a tle a sebetse mosebetsi wa boprista pela ka. Diaparo tseo ba tla di etsa, ke tsona tsena:


Bona, ke beile le Oholiabe, mora Akisamake, wa leloko la Dane; hape ke kentse bohlale pelong tsa batho bohle ba masene, hore ba sebetse tsohle tsee ke o laetseng tsona;


Banna bohle ba masene ba hara lona ba tle ba tle, ba sebetse tsohle tseo Jehova a di laetseng;


Ho tla sebetswa ka matsatsi a tsheletseng, mme letsatsi la bosupa ho lona e tla ba Sabatha ya phomolo e kgethetsweng Jehova; mang le mang ya ka etsang mosebetsi tsatsing leo, o tla bolawa.


Jwale, Betsaleele le Oholiabe, le banna bohle ba masene bao Jehova a ba neileng bohlale le kutlwisiso ya tsebo le ya ketso, ba tla ho etsa mosebetsi wohle wa tshebeletso ya sehalalelo, kahohle kamoo Jehova a laetseng kateng.


Ba nka ho Moshe dikabelo tsohle tse abetsweng Jehova, tse tlisitsweng ke bana ba Iseraele ho etsa mesebetsi ya tshebeletso ya sehalalelo. Le jwale, ka ho rata, ba ne ba ntse ba tlisa dikabelo ka hosasa ho hong le ho hong.


Ba bea baholo kerekeng e nngwe le e nngwe, ka ho rapela le ka ho itima dijo, ba ntoo ba bea mohaung wa Morena, eo ba dumetseng ho yena.


E reng ho Arkipe: Tadima tshebetso eo o e abetsweng ke Morena, o tle o e phethe.


Hape, ha ho motho ya ka inkelang kabelo eo e hlomphehang, haese ya e bileditsweng ke Modimo, jwaloka Aarone.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos