Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 36:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ba nka ho Moshe dikabelo tsohle tse abetsweng Jehova, tse tlisitsweng ke bana ba Iseraele ho etsa mesebetsi ya tshebeletso ya sehalalelo. Le jwale, ka ho rata, ba ne ba ntse ba tlisa dikabelo ka hosasa ho hong le ho hong.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Ba amohela dimpho tsohle ho Moshe, tseo bana ba Iseraele ba di tliseditseng mosebetsi wa hore ho hahwe Sehalalelo ka tsona. Ba nna ba tlisa dimpho tsa boithaopo ho yena hoseng ho hong le ho hong.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 36:3
11 Referencias Cruzadas  

Ka hosasa ho hong le ho hong, ke tla timetsa ba bolotsana bohle ba naha, ke fedise bohle ba etsang bokgopo motseng wa Jehova.


Jehova, o mamele lentswe la ka e sa le kameso; e sa le kameso ke tadima ho wena, mme ke a lebella.


Haele marenana, a tlisa mahakwe a onikse, le mahakwe a kenngwang dikoomaneng a efoda le a mokgajwana;


Bana ba Iseraele bohle le basadi bohle ba ithatetseng ho tlisa ntho tsa mosebetsi wohle oo Jehova a neng a laetse ka Moshe hore o etswe, ba tlisetsa Jehova dikabelo tsa boithatelo.


Yaba Moshe o bitsa Betsaleele le Oholiabe, le banna bohle ba masene bao Jehova a kentseng bohlale pelong tsa bona, e leng bohle ba kgannilweng ke pelo tsa bona ho tla etsa mosebetsi.


Yaba banna bohle ba masene, ba sebetsang mesebetsi yohle ya sehalalelo, ba tlohela e mong le e mong mosebetsi oo a o sebetsang, ba tla, ba re ho Moshe:


Ke ka nna marena a renang; esale ka nna mahosana a laelang ka ho loka.


Morena Jehova o nneile leleme la ba rutehileng, ke tle ke tsebe ho kgothatsa ya kgathetseng ka lentswe la ka. Ke yena ya ntsosang kameso yohle, ya bulang ditsebe tsa ka, ke tle ke tsebe ho mamela ka mokgwa wa ba rutwang.


Lona ntlo ya Davida, Jehova o re: Etsang kahlolo e lokileng ka hosasa ho hong le ho hong, le namolele mofutsana matsohong a ya mo tubang, esebe kgalefo ya ka e ka tswa jwaloka mollo, e a tjhesa, mme ho se be ya ka e timang ka baka la bolotsana ba diketso tsa lona.


Teboho tsa lona tsa setjheso di etseng ka tse lomositsweng; le laele le dikabelo tse yeng di ntshuwe ka ho ithatela ha motho, hobane ke moo le ithatelang, lona bana ba Iseraele: ho itswalo ke Morena Jehova.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos