Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 36:2 - BIBELE

2 Yaba Moshe o bitsa Besalele le Oholeabe, le batho bohle ba pelo di bohlale, bao Morena a ba neileng bohlale dipelong tsa bona, ba ratang, hore ba tle mosebetsing, ba sebetse.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Yaba Moshe o bitsa Betsaleele le Oholiabe, le banna bohle ba masene bao Jehova a kentseng bohlale pelong tsa bona, e leng bohle ba kgannilweng ke pelo tsa bona ho tla etsa mosebetsi.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 36:2
15 Referencias Cruzadas  

Dihlopha tsa baprista le tsa Balevi di tla o thusa mosebetsing wohle wa Tempele ya Modimo. Banna bohle ba ditsebi ba tla o thusa mesebetsing yohle e batlang tsebo; le mahosana le setjhaba sohle se tla mamela taelo ya hao.”


e leng kgauta e tla etsa dintho tsa kgauta, le silefera e tla etsa dintho tsa silefera, le mesebetsi yohle e tla etswa ke ditsebi tsa mesebetsi ya matsoho. Jwale ke mang ya ithaopelang ho sebeletsa Morena kajeno?”


“Bua le bana ba Iseraele, o re ba nntshetse dimpho. Le amohele dimpho tsa ka ho motho ka mong ya ithaopang.


Hlokomela, o di etse ho latela setshwantsho seo o se bontshitsweng ha o le thabeng.”


O tla buisana le bohle ba bohlale, bao ke ba hlalefisitseng, mme ba tla etsetsa Arone diaparo ho mo halaletsa, hore a tle a ntshebeletse e le moprista.


Ke mo neile le Oholeabe, mora wa Ahisamake, wa leloko la Dane. Bohle ba bohlale ke ba file tsebo, mme ba tla etsa tsohle tseo ke ba laetseng tsona.


“ ‘Bohle ba bohlale hara lona ba ke ba tle, ba tlo etsa tsohle tseo Morena a di laetseng:


‘Le ka sebetsa ka matsatsi a tsheletseng, empa letsatsi la bosupa le tla halalela ho lona; ke Sabatha, letsatsi la phomolo ya Morena; mang kapa mang ya tla sebetsa ka letsatsi leo o tla bolawa.


“Jwale Besalele, le Oholeabe, le batho bohle ba pelo di bohlale, bao Morena a ba neileng bohlale le kutlwisiso ya ho tseba ho etsa mesebetsi yohle ya Sehalalelo, ba tla sebetsa, ba etse mesebetsi eo, ho latela tsohle tseo Morena a di laetseng.”


Ba amohela dimpho tsohle ho Moshe, tseo bana ba Iseraele ba di tliseditseng mosebetsi wa hore ho hahwe Sehalalelo ka tsona. Ba nna ba tlisa dimpho tsa boithaopo ho yena hoseng ho hong le ho hong.


Ha ba se ba ba kgethetse baholo kerekeng e nngwe le e nngwe, ba rapela, ba itima dijo, mme ba ba bea matsohong a Morena eo ba dumetseng ho yena.


Le be le re ho Arekipose: “Hlokomela ho phetha mosebetsi wa Morena, oo o o abetsweng.”


Ha ho ya ka inkelang tlotla eo, hobane motho o bitswa ke Modimo, jwaloka Arone.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos