Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 36:1 - BIBELE

1 “Jwale Besalele, le Oholeabe, le batho bohle ba pelo di bohlale, bao Morena a ba neileng bohlale le kutlwisiso ya ho tseba ho etsa mesebetsi yohle ya Sehalalelo, ba tla sebetsa, ba etse mesebetsi eo, ho latela tsohle tseo Morena a di laetseng.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Jwale, Betsaleele le Oholiabe, le banna bohle ba masene bao Jehova a ba neileng bohlale le kutlwisiso ya tsebo le ya ketso, ba tla ho etsa mosebetsi wohle wa tshebeletso ya sehalalelo, kahohle kamoo Jehova a laetseng kateng.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 36:1
19 Referencias Cruzadas  

Hirame e ne e le mora wa mosadi wa mohlolohadi wa morabe wa Nafthali. Ntatae e ne e le moahi wa Tire, e le sethudi sa lethose. Le yena Hirame o ne a hlalefile, a ena le kutlwisiso, le masene a ho etsa mesebetsi yohle e etswang ka lethose. Yaba o tla ho kgosi Solomone, mme a etsa mosebetsi wohle wa kgosi.


Hure a tswala Uri, Uri a tswala Besalele.


Dihlopha tsa baprista le tsa Balevi di tla o thusa mosebetsing wohle wa Tempele ya Modimo. Banna bohle ba ditsebi ba tla o thusa mesebetsing yohle e batlang tsebo; le mahosana le setjhaba sohle se tla mamela taelo ya hao.”


Nke ke ka hlajwa ke dihlong, ha ke hlokomela melao yohle ya hao.


Yaba bana ba Iseraele ba a ya, ba etsa kamoo Modimo a ileng a laela Moshe le Arone kateng.


“Jwale ba nketsetse Sehalalelo, ke tle ke ahe hara bona.


O tla buisana le bohle ba bohlale, bao ke ba hlalefisitseng, mme ba tla etsetsa Arone diaparo ho mo halaletsa, hore a tle a ntshebeletse e le moprista.


le ole e tlotsang, le mokubetso o monko o monate wa Sehalalelo. Ba tla etsa tsohle ho ya kamoo ke o laetseng kateng.”


Yaba Moshe o bitsa Besalele le Oholeabe, le batho bohle ba pelo di bohlale, bao Morena a ba neileng bohlale dipelong tsa bona, ba ratang, hore ba tle mosebetsing, ba sebetse.


O ne a thuswa ke Oholeabe, mora wa Ahisamake, wa leloko la Dane. Oholeabe e ne e le lelala, le setsebi sa mesebetsi; le sehomi se homang masela a maputswa, le a perese, le a mafubedu, le a entsweng ka lene, a loehileng.


Ka masela a maputswa, le a perese, le a mafubedu, ba loha diaparo tsa ho sebeletsa ka Sehalalelong. Ba etsetsa Arone diaparo tse halalelang, jwalokaha Modimo a ne a laetse Moshe.


Empa bara ba Kohate ha a a ka a ba nea letho, hobane mosebetsi wa bona e ne e le wa ho jara dintho tse halalelang tsa Sehalalelo.


le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. Bonang, ke na le lona kamehla yohle ho isa bofelong ba lefatshe.”


Bobedi ba bona ba ne ba lokile pela Modimo, ba tsamaya melaong le ditaelong tsohle tsa Morena, ho se moo ba ka nyatsuwang teng.


Ke mosebeletsi wa Sehalalelo, le wa tente ya nnete e hlomilweng ke Morena, e seng ke motho.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos