Eksoda 36:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)1 Jwale, Betsaleele le Oholiabe, le banna bohle ba masene bao Jehova a ba neileng bohlale le kutlwisiso ya tsebo le ya ketso, ba tla ho etsa mosebetsi wohle wa tshebeletso ya sehalalelo, kahohle kamoo Jehova a laetseng kateng. Ver CapítuloBIBELE1 “Jwale Besalele, le Oholeabe, le batho bohle ba pelo di bohlale, bao Morena a ba neileng bohlale le kutlwisiso ya ho tseba ho etsa mesebetsi yohle ya Sehalalelo, ba tla sebetsa, ba etse mesebetsi eo, ho latela tsohle tseo Morena a di laetseng.” Ver Capítulo |
Bona hape, dihlopha tsa baprista le tsa Balevi ke tseo, kamoo di lokiseditsweng tshebeletso yohle ya ntlo ya Modimo kateng; hape, bakeng sa mosebetsi wohle, o na le banna bohle ba pelo tse ratang, ba masene mesebetsing yohle; hapehape, dihlooho le sona setjhaba kaofela ha sona di tla ba teng ho wena, ho etsa tsohle tseo o tla di laela.