Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 6:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Morena Davida a tsebiswa, ha thwe: Jehova o hlohonolofaditse ntlo ya Obed-Edomo le tsohle tsa hae, ka baka la areka ya Modimo. Yaba Davida o ya lata areka ya Modimo ha Obed-Edomo, a e tlisa motseng wa Davida a thabile.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Jwale Kgosi Davida a tsebiswa, ha thwe: “Morena o hlohonolofaditse lelapa la Obede-Edomo, le tsohle tseo e leng tsa hae, ka baka la areka ya Modimo.” Davida a tsamaya, a ya lata areka ya Modimo tlung ya Obede-Edomo, a e isa Motseng wa Davida ka thabo.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 6:12
16 Referencias Cruzadas  

Leha ho le jwalo, Davida a kena qhobosheane ya Sione; ke wona motse wa Davida.


Yaba morena Salomone o phuthela Jerusalema baholo ba Iseraele, le dihlooho tsohle tsa meloko, e leng baholo ba bontata bana ba Iseraele, hore ho tle ho latwe areka ya selekane sa Jehova motseng wa Davida, Sione.


Eitse hobane ho fihle baholo bohle ba Iseraele, baprista ba jara areka;


ba tlisa areka ya Jehova le tente ya pokano; le mesebetsi yohle e halalelang e ka tenteng ya tliswa ke baprista le Balevi.


Bara ba Balevi ba jara areka ya Modimo mahetleng a bona ka dithupa tse ho yona, jwalokaha Moshe a ne a laetse, ka polelo ya Jehova.


Davida le baholo ba Iseraele le balaodi ba dikete ba ya lata areka ya selekane sa Jehova tlung ya Obed-Edomo ka thabo.


e leng selekane seo a neng a se hlabe le Abrahama, le kano eo a neng a e anetse Isaaka,


Haele bara ba Obed-Edomo, letsibolo la hae ke Shemaia, wa bobedi Josabade, wa boraro Jowa, wa bone Sakare, wa bohlano Nethaneele;


wa botshelela Ammiele, wa bosupa Issaskare, wa boroba meno e le mmedi Peulthai; etswe Modimo o ne o mo hlohonolofaditse.


Yaba Salomone o phuthela Jerusalema baholo ba Iseraele, le dihlooho tsohle tsa meloko, e leng baholo ba matlo a bontata bana ba Iseraele, hore ho tle ho latwe areka ya selekane sa Jehova, motseng wa Davida, Sione.


E mong le e mong ya nosang e mong wa ba banyenyane bana mohope feela wa metsi a batang, kahoba a ena le lebitso la morutuwa wa ka, kannete ke re ho lona: a ke ke a timellwa ke moputso wa hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos