Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 6:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Enere ba jereng areka ya Jehova ha ba hatile hatshelela, ho ne ho hlajwa kgomo le namane e nonneng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Yare ha ba jereng areka ya Morena, ba tsamaile mehato e tsheletseng feela, Davida a nyehella Morena ka sehlabelo sa pholo le namane e nontshitsweng.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 6:13
9 Referencias Cruzadas  

Morena Salomone le phutheho yohle ya Iseraele, e leng ba memilweng ho tla ho yena, ba ema pela areka; ba hlabaka dinku le dikgomo tse ke keng tsa bolelwa, tse se nang ho balwa ka baka le bongata ba tsona.


Bara ba Balevi ba jara areka ya Modimo mahetleng a bona ka dithupa tse ho yona, jwalokaha Moshe a ne a laetse, ka polelo ya Jehova.


Yaba Davida o re: Ha ho ya tshwanetseng ho jara areka ya Modimo haese Balevi; hobane ke bona bao Jehova a ba kgethileng hore ba jare areka ya Modimo le ho etsa tshebeletso ya yona ka ho sa feleng.


Morena Salomone le phutheho yohle ya Iseraele, e le ba neng ba memilwe ho tla ho yena, ba ema pela areka, ba hlaba dinku le dikgomo tse ke keng tsa bolelwa le ho balwa ka baka la bongata ba tsona.


Etlare ha phutheho e tloha, mme Aarone le bara ba hae ba qetile ho phutha dintho tsa sehalalelo le mesebetsi yohle ya sehalalelo, bara ba Kehathe ba tla kena ho di jara. Ba se ke ba ama dintho tse kgethehileng, ba se tshohe ba eshwa. Ke eo phahlo ya bara ba Kehathe ho tsa tente ya pokano.


Empa a se ke a nea bara ba Kehathe letho, kahobane ba ne ba beetswe tshebetso ya ho jara ntho tsa sehalalelo ka mahetla a bona.


A boela a roma bahlanka ba bang, a re: Bolellang ba memilweng, le re: Bonang, ke lokisitse mokete wa ka, dikgomo tsa ka le dinonneng tsa ka di hlabilwe; ntho tsohle di se di lokile; tloong bohading.


ba laela setjhaba, ba re: Ha le bona areka ya selekane sa Jehova, Modimo wa lona, le baprista, Balevi, ba e jara, le lona le tlohe moo le emeng teng, le e sale morao.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos