Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 6:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Areka ya Jehova ya dula ha Obed-Edomo wa Gathe kgwedi tse tharo; mme Jehova a hlohonolofatsa Obed-Edomo le ntlo ya hae kaofela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Areka eo ya Morena ya qeta kgwedi tse tharo e le ha Obede-Edomo wa Mogate. Morena a hlohonolofatsa Obede-Edomo le bohle ba ntlo ya hae.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 6:11
7 Referencias Cruzadas  

Labane a re ho yena: A nke ke fumane mohau mahlong a hao, hobane ke lemohile hoba Jehova o ntlhohonolofaditse ka baka la hao.


Mong a ntlo ya teronko o ne a sa hlahlobe letho la dintho kaofela tse leng matsohong a hae, hoba Jehova o ne a na le yena, mme seo a neng a se etsa, Jehova o ne a mo atlisetsa sona.


Ha a se a mo entse molaodi wa ntlo ya hae le wa tsohle tseo a nang le tsona, Jehova a hlohonolofatsa ntlo ya Moegepeta ka baka la Josefa, mme lehlohonolo la Josefa la eba ho tsohle tseo a nang le tsona ka tlung le naheng.


Davida a hana ke hona ho isa areka ya Jehova ha hae motseng wa Davida, a e faposetsa tlung ya Obed-Edomo wa Gathe.


Haele bara ba Obed-Edomo, letsibolo la hae ke Shemaia, wa bobedi Josabade, wa boraro Jowa, wa bone Sakare, wa bohlano Nethaneele;


Tlisang tlung ya polokelo karolo ya leshome ya tsohle tseo le di ruileng, dijo di tle di be teng tlung ya ka; le nteke kahoo, ho bolela Jehova wa makgotla, mme le bone ha nke ke ka le thibollela diphororo tsa lehodimo, ke be ke le tshollele hlohonolofatso ka tekanyo e fetisang!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos