Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 6:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Davida a hana ke hona ho isa areka ya Jehova ha hae motseng wa Davida, a e faposetsa tlung ya Obed-Edomo wa Gathe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Yaba Davida o se a tshaba ha areka ya Morena e iswa Motseng wa Davida, mme a e isa tlung ya Obede-Edomo wa Mogate.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 6:10
11 Referencias Cruzadas  

Yaba morena o re ho Ittai wa Gathe: Na wena o tlelang le rona? Kgutla, o sale le morena, etswe o le mojaki le ya tlositsweng haeno; kgutlela tlung ya hao.


Karolo ya boraro ya setjhaba, Davida a e laola le Joabe; karolo e nngwe ya boraro le Abishai mora Tseruja, ngwanabo Joabe; le karolo e nngwe ya boraro le Ittai wa Gathe. Morena a ba a re ho setjhaba: Le nna ke tla ya le lona.


hobane ba Beerothe ba pele ba ne ba balehetse Gitthaime, ya eba bajaki ba teng ho fihlela kajeno.


Leha ho le jwalo, Davida a kena qhobosheane ya Sione; ke wona motse wa Davida.


Davida a aha qhobosheaneng, mme a e rea lebitso la motse wa Davida. Davida a haha le lerako le teelang qhobosheane hare, le tlohang Millo, ho ya fihla hare.


ba ena le banababo bona ba hlopha sa bobedi, Sakaria, Bene, Jaasiele, Shemiramothe, Jehiele, Unni, Eliabe, Benaia, Maaseia, Matthithia, le Elifele, le Mikneia, le Obed-Edomo, le Jeiele, balebedi ba menyako.


Baprista Shebania, Josafate, Nethaneele, Amasai, Sakaria, Benaia le Eliesere, ba ne ba letsa diterompeta pela areka ya Modimo, mme Obed-Edomo le Jehia e ne e le balebedi ba menyako bakeng sa areka.


E moholo e ne e le Asafe; ba mo hlahlamang ke Sakaria, le Jeiele, le Shemiramothe, le Jehiele, le Matthithia, le Eliabe, le Benaia, le Obed-Edomo, le Jeiele, ba tshwere diletsa, le diviole, le diharepa; Asafe yena o ne a letsa disimbala.


le Jehude, le Bene-Berake, le Gathe-Rimmone,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos