Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 6:12 - BIBELE

12 Jwale Kgosi Davida a tsebiswa, ha thwe: “Morena o hlohonolofaditse lelapa la Obede-Edomo, le tsohle tseo e leng tsa hae, ka baka la areka ya Modimo.” Davida a tsamaya, a ya lata areka ya Modimo tlung ya Obede-Edomo, a e isa Motseng wa Davida ka thabo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Morena Davida a tsebiswa, ha thwe: Jehova o hlohonolofaditse ntlo ya Obed-Edomo le tsohle tsa hae, ka baka la areka ya Modimo. Yaba Davida o ya lata areka ya Modimo ha Obed-Edomo, a e tlisa motseng wa Davida a thabile.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 6:12
16 Referencias Cruzadas  

Leha ho le jwalo, Davida a hapa qhobosheane ya Sione, e leng yona motse wa Davida.


Jwale Solomone a kgobokanya baholo ba Baiseraele, le dihlooho tsohle tsa merabe, le mahosana a malapa a bana ba Iseraele. Bohle ba tla Jerusalema ho kgosi Solomone, hore ba tlo nyolla areka ya selekane, e tswe Motseng wa Davida, e leng Sione.


Baholo bohle ba Baiseraele ba tla, mme baprista ba nka areka.


Baprista le Balevi ba nyolla areka ya Morena, le Tente ya Morena, le dintho tsohle tse halalelang, tse neng di le ka Tenteng ya Morena.


Balevi ba jara areka ya Modimo ka mefeng, jwalokaha Moshe a ne a ba laele, ho ya ka polelo ya Morena.


Jwale bo-Davida, le baholo ba Iseraele, le balaodi ba bahlabani ba dikete, ba ya tlung ya Obede-Edomo, ho ya lata areka ya selekane sa Morena, ba thabile.


selekane seo a se entseng, a se etsa le Aborahama, kano eo a e etseditseng Isaka,


Bara ba Obede-Edomo e ne e le Shemaya, letsibolo la hae, wa bobedi e le Jehosabada, wa boraro e le Jowa, wa bone e le Sakara, wa bohlano e le Netanele,


wa botshelela e le Amiele, wa bosupa e le Isakare, wa borobedi e le Peuletai, ho ya kamoo Modimo a neng a hlohonolofaditse Obede-Edomo kateng.


Jwale Solomone a kgobokanya baholo bohle ba Iseraele, le dihlooho tsohle tsa merabe, le mahosana a malapa a bana ba Iseraele. Bohle ba tla Jerusalema ho kgosi Solomone, hore ba tlo nyolla areka ya selekane sa Morena, e tswe Motseng wa Davida, e leng Sione.


Ya fang e mong wa ba banyenyane bana mohope wa metsi a phodileng kahobane e le morutuwa, ruri ke a le bolella, ha a ka ke a hloka moputso wa hae.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos