Yuda 1:16 - BIBELE Batho bana ke bakomakomi, bakganani, ba laolwang ke ditakatso tsa bona, bao melomo ya bona e buang tsa boikgohomoso, ba yang ka tshobotsi ho iphumanela tsa bona. Sesotho 1909/1961 (SO) Ke batho ba korotlang, ba kgananang, ba yang ka ditakatso tsa bona; melomo ya bona e bolela tsa boikgohomoso, ba tadima tshobotso ya batho ka takatso ya moruo. Baasraak Sotho NT Bao ke bakorotli, ba korotla, ba tsamayang ka ditakatso tsa bona; mme melomo ya bona e bolela dipolelo tse kgolo tsa boikgohomoso, ba kgahla batho ka baka la katleho. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Bao ke bakorotli, ba korotla, ba tsamayang ka ditakatso tsa bona; mme melomo ya bona e bolela dipolelo tse kgolo tsa boikgohomoso, ba kgahla batho ka baka la katleho. |
Ha a ye ka leeme ha a sebeletsa babusi, morui le mofutsana ke ditshwantshwang ho yena, kahoba bohle ke mmopo wa matsoho a hae.
ya nyedisang ya kgopo, empa a hlompha ba tshabang Morena. Leha a ka senyehelwa, ha a kwenehele kano ya hae.
Ho ahlola ka leeme hase ntho e ntle, empa motho a ka nna etsa sebe, hore a fumane sengwathwana.
Bao meya ya bona e lahlehileng ba tla ba le kutlwisiso, ba neng ba belaela ba thabele ho fumana thuto.”
“ ‘O se ke wa ahlola ka leeme. Ha o ahlola o se ke wa sekamela ka ho mofutsana, kapa wa tlotla ya phahameng; o ahlole mohaeno ka toka.
Banna bao Moshe a neng a ba rometse ho ya hlwela naha, bao ho kgutleng ha bona ba ileng ba etsa hore setjhaba se mo korotlele, ka ho se bolella ditaba tseo e seng tsa nnete;
Ke ka hona wena le balatedi bohle ba hao le ikopantseng ho lwantsha Morena. Arone ke mang, haeka le a mo korotlela tjee?”
Setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa korotlela Moshe le Arone, sa re: “Le bolaile batho ba Morena.”
Bafarisi le Ditsebi tsa Molao ba korotla, ba re: “Monna enwa o amohela baetsadibe, mme o ja le bona!”
Bafarisi le Ditsebi tsa bona tsa Molao ba korotlela barutuwa ba Jesu, ba re: “Ke ka lebaka lang ha le eja, mme le enwa le balekgetho le baetsadibe na?”
Jwale Bajuda ba dumaduma ka yena, kahobane a itse: “Ke nna bohobe bo theohileng lehodimong,”
Empa Jesu, ka ho tseba hore barutuwa ba hae ba dumaduma ka taba ena, a re ho bona: “Na hoo ho a le kgopisa?
Hape le se ke la dumaduma, jwalokaha le ba bang ba bona ba ile ba dumaduma, mme ba timetswa ke Motimetsi.
Yaba le korotla le le ka ditenteng tsa lona, le re: ‘Kahobane Morena a re hloile, o re ntshitse naheng ya Egepeta ho tla neelana ka rona matsohong a Baamore, hore ba re timetse.
diqabang tse sa feleng tsa batho ba senyehileng dikelello, ba hlokang nnete, ba lekanyang hore borapedi ke mokgwa wa ho ithuisa.
Nako e a tla eo ka yona ba sa tlong ho mamella thuto ya nnete, empa ho ya ka ditakatso tsa bona ba tla ipokellela baruti ba bangata, ba tlang ho ba bolella tse natefelang ditsebe tsa bona.
Le le bana ba mamelang, le se ke la latela ditakatso tsa lona tsa kgale, ha le ne le sa hloka tsebo.
Baratuwa, le le baeti le bajaki, ke le kgothaletsa hore le lahle ditakatso tsa botho, tse lwantshanang le moya.
e le hore ditshiung tse mo saletseng lefatsheng a se hlole a phelela ditakatso tsa botho, empa a phelele thato ya Modimo.
haholoholo ba buswang ke ditakatso tse ditshila tsa nama, ba nyefolang borena ba Modimo. Ke ba itshepang, ba ikgopolang, ba sa tshabeng ho nyefola mangeloi a tlotlehang;
Dipuo tsa bona ke tsa boikgohomoso, tsa mafeela; ka ditakatso tse kgopo tsa nama, ba tshwasa ba sa tswa phonyoha ho ba phelang bokgelohing.
Pele ho tsohle tsebang hona: Mehleng ya bofelo ho tla tla basomi ba laolwang ke ditakatso tsa bona, ba some,
ho tla ahlola bohle, le ho kgalemella bohle ba kgopo mesebetsi yohle ya bona e kgopo, le dipolelo tsohle tse mpe, tseo baetsadibe bao ba kgopo ba mo sitetsweng ka tsona.”
Ba itse ho lona: “Mehleng ya bofelo ho tla tla basomi ba laolwang ke ditakatso tsa bona tse kgopo.”