Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Timothea 4:3 - BIBELE

3 Nako e a tla eo ka yona ba sa tlong ho mamella thuto ya nnete, empa ho ya ka ditakatso tsa bona ba tla ipokellela baruti ba bangata, ba tlang ho ba bolella tse natefelang ditsebe tsa bona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Hobane nako e tla ba teng eo ba ke keng ba mamella thuto ya pholoho, empa ka baka la ho hlohlona ha ditsebe tsa bona, ba tla ipokelella baruti ba dumellanang le ditakatso tsa bona;

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

3 Hobane nako e tla tla eo ba ke keng ba mamella thuto ya pholoho; empa ka ho hlohlona ha ditsebe tsa bona, ba tla ipokellela baruti ka ditakatso tsa bona;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Hobane nako e tla tla eo ba ke keng ba mamella thuto ya pholoho; empa ka ho hlohlona ha ditsebe tsa bona, ba tla ipokellela baruti ka ditakatso tsa bona;

Ver Capítulo Copiar




2 Timothea 4:3
33 Referencias Cruzadas  

Yaba Elia o re ho setjhaba: “Ke nna ke le mong feela ya setseng wa baporofeta ba Morena, athe baporofeta ba Baale bona ba makgolo a mane le mashome a mahlano.


Yaba kgosi ya Iseraele e re ho Jehoshafate: “Na ha ke a ka ka o bolella hore a ke ke a mporofetela tse molemo, haese tse mpe feela?”


Kgosi ya Iseraele ya araba Jehoshafate, ya re: “Ho sa na le monna e mong hape, eo re ka reng a re botsetse ho Morena. Ke Mmikiya, mora wa Jimela, empa ke mo hloile, hobane ha a ke a mporofetela tse molemo, o mporofetela tse mpe.” Jehoshafate a re: “Kgosi e se ke ya bua jwalo.”


Yaba Morena o re ho Moshe: “Ya ntshitetsweng ke yena eo ke tla mo hlakola bukeng ya ka.


O kile a bua le sona, a re: “Ke tla le fa phomolo ya sebele, ba kgathetseng ba tlo phomola; ke tla fela ke le kgatholle.” Leha ho le jwalo, ha ba a ka ba mamela.


Ho dinohe ba re: “Le se hlole le bona dipono!” Ho baprorofeta, ba re: “Se re porofeteleng tse lokileng! Re bolelleng tse re thabisang, le re porofetele tsa bohata.


Yaba ba re: “Tloong, re loheleng Jeremia mano, hobane baprista ba tla nne ba be teng, ba re rute Molao; ba bohlale ba tla nne ba be teng, ba re eletse; le baporofeta ba tla nne ba be teng ho re bolella molaetsa. Tloong ke hona, re iqapeleng tseo re ka mo qosang ka tsona, re se ke ra natsa dipolelo tsa hae.”


‘Ka baka leo, lona le se ke la mamela baporofeta ba lona, kapa dinohe tsa lona, kapa mathuela a lona, kapa baupi ba lona, kapa baloi ba lona, ba reng ho lona: Le ke ke la sebeletsa kgosi ya Babilona.


“Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: ‘Se dumeleng ho thetswa ke baporofeta ba lona le dinohe tse phelang hara lona; le se ke la kgolwa ditoro tsa lona, tseo le reng mathuela a di lore.


Baporofeta ba porofeta leshano, baprista ba kgema le baporofeta, tjhaba sa ka se rata ha taba di eme jwalo. Le tla etsang ha tsee di fihla qetellong?”


Haeba ya leshano, ya thetsang, a ka re: ‘Ke porofeta hore veine ya lona e tla kopotsa, jwala ba lona e be bo bongata haholo,’ eo e ka ba yena moporofeta wa tjhaba sena!”


Ditsebi tsa Molao le baprista ba baholo ba batla ho mo tshwara ka yona nako eo, hobane ba tsebile hore o boletse setshwantsho seo a lekanya bona, empa ba tshaba batho.


“Le madimabe ha batho bohle ba le bua hantle; etswe bo-ntata lona ba entse baporofeta ba bohata jwalo.”


Empa, hobane ke bolela nnete, ha le ntumele.


Baathene bohle le bajaki ba melata ba ne ba sa etse letho, haese ho bolela kapa ho utlwa ho hong ho hotjha.


Bana beso, nna ha ke etla ho lona, ho le phatlalletsa sephiri sa Modimo, ke ne ke sa tlisa bokgelekehadi kapa bohlale bo boholo.


Puo ya ka le molaetsa wa ka ha di a ka tsa bolelwa ka mantswe a hapang, a bohlale ba motho, empa e ne e le ka matla a kgodisang a Moya o Halalelang.


Na ke fetohile sera sa lona ka ho le bolella nnete?


dihlola, ba janang maotwana, ba rekisang makgoba, ba leshano, ba ikanang ka leshano, le bohle ba etsang eng kapa eng e fapaneng le thuto ya nnete.


Tiisetsa thutong ya nnete eo o e utlwileng ho nna, e le mohlala oo o tshwanetseng ho o latela tumelong le leratong leo re nang le lona ka Kreste Jesu.


Ba itse ho lona: “Mehleng ya bofelo ho tla tla basomi ba laolwang ke ditakatso tsa bona tse kgopo.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos