Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Timothea 4:4 - BIBELE

4 Ba tla ithiba ditsebe hore ba se ke ba mamela nnete, ba mamele ditshomo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 mme ba tla kgelosa ditsebe tsa bona nneteng, ho di isa ditshomong.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

4 Mme ba tla kgelosa ditsebe tsa bona nneteng, ba kgelohele ditshomong.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Mme ba tla kgelosa ditsebe tsa bona nneteng, ba kgelohele ditshomong.

Ver Capítulo Copiar




2 Timothea 4:4
13 Referencias Cruzadas  

Ba se nang tsebo ba a bolawa ke ho kgeloha ha bona, dithoto tsona di a timela, di timetswe ke ho se tsotelle ha tsona.


Ho dinohe ba re: “Le se hlole le bona dipono!” Ho baprorofeta, ba re: “Se re porofeteleng tse lokileng! Re bolelleng tse re thabisang, le re porofetele tsa bohata.


“Empa setjhaba se ile sa hana ho mmamela; sa eba manganga; sa ithiba ditsebe.


Dipelo tsa setjhaba sena di thotofetse, mme ditsebe tsa sona di thibane, se itutubaditse mahlo, esere mohlomong sa bona ka mahlo a sona sa utlwa ka ditsebe tsa sona, sa sokoloha, yaba ke a se fodisa.’


Jwale ba howa ka mantswe a phahameng, ba ithiba ditsebe, ba mo rutlolohela hong.


Ka baka leo, Modimo o tla ba romela moya wa bokgelohi, ba tle ba kgolwe leshano,


Ba se ke ba natsa ditshomo le ditaba tse sa feleng tsa meloko ya baholoholo. Tse jwalo ke tse bakang dikgang, hase tse phethahatsang morero wa Modimo o tsejwang ka tumelo.


Hana ditshomo tse se nang hlompho, tse loketseng ditsohatsana. Ikwetlisetse borapedi.


Timothea, ako boloke se beilweng paballong ya hao. O qobe dipuo tse sa hlompheng, tsa lefeela, le dikganyetsano tsa hoo ho thweng ke bohlalefi.


O a tseba hore bohle naheng ya Asia, esita le Fugelose le Heremogenese, ba ile ba nkwenehela.


mme ba se ke ba natsa ditshomo tsa Bajuda le ditaelo tsa batho ba furallang nnete.


Mohau o ke o be le lona bohle.


Ha re le tsebisa tsa matla a Morena wa rona Jesu Kreste le tsa ho tla ha hae, re ne re sa bue ka ditshomo tse qapilweng ka bohlale, empa re ne re bua re le dipaki tse boneng botlotlehi ba hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos