Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Timothea 4:2 - BIBELE

2 Phatlalatsa lentswe, o pheelle ho le bolela, ebang le a amohelwa kapa ha le amohelwe; nyatsa, kgalemela, kgothatsa, o ntse o ruta ka mamello yohle.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 O bolele lentswe, o phehelle nako ha e tshwaneleha, leha e sa tshwanelehe; o laye, o kgalemele, o kgothatse ka mamello yohle le ka ho ruta.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

2 U bolele lentsoe; o phakise ka nako, leha e sa tshwanele; o laye, o kgalemele, o kgothatse ka mamello yohle le ka thuto.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 U bolele lentsoe; o phakise ka nako, leha e sa tshwanele; o laye, o kgalemele, o kgothatse ka mamello yohle le ka thuto.

Ver Capítulo Copiar




2 Timothea 4:2
36 Referencias Cruzadas  

Ke thabela ho etsa thato ya hao, Modimo wa ka. Molao wa hao o ka pelong ya ka.”


“Tsamaya, o ye Ninife, motseng o moholo, o yo o phatlalletsa molaetsa oo ke o bolellang wona.”


ho lehlohonolo mang le mang ya sa kgopiseheng ka baka la ka.”


Ba fihla ho Jesu ba mo rapela ka matla, ba re: “O lokelwa ke hore o mo etsetse jwalo,


Jesu a re ho yena: “Lesa bafu ba pate bafu ba bona, empa wena eya, o phatlalatse Mmuso wa Modimo.”


Yare ha ba fihla Salamise, ba phatlalatsa lentswe la Modimo matlung a thapelo a Bajuda. Ba ne ba ena le Johanne, e le mothusi wa bona.


Ka tsatsi la Sabatha ra tswela kantle ho kgoro ya motse e pela noka, moo re neng re lekanya hore ho rapellwa teng. Hoba re dule, ra bua le basadi ba phuthehileng.


Yare ka tsatsi le qalang beke, ha re phuthehile ho ngwatha bohobe, Paulosi a buisana le ba phuthehileng. Kaha a ne a ikemiseditse ho tloha ka le hlahlamang, a bua ho fihlela e eba seroko.


Ha re fihla Roma, Paulosi a dumellwa ho dula a le mong le mohlabani ya mo lebelang.


Ba ka di bolela jwang ha ba sa rongwa? Ho jwalokaha ho ngotswe, ho thwe: “A matle hakaakang maoto a ba phatlalatsang molaetsa o molemo!”


Thabang ka baka la tshepo ya lona, mamellang matshwenyehong, tiisetsang thapelong.


Ya rutwang lentswe la Modimo eka kgona a arolelane maruo a hae wohle le ya mo rutang.


Ke entswe mosebeletsi wa kereke, ho ya ka mosebeletsi oo Modimo a nkabetseng wona hara lona, wa ho le ruta lentswe la hae ka ho tlala.


Le rona le re rapelle, hore Modimo a tle a re fumantshe monyetla wa ho phatlalatsa lentswe la hae, re bolele sephiri sa Kreste, seo ke leng ditlamong ka baka la sona.


Lona le ile la fetoha baetsisi ba rona le ba Morena, mme hara matshwenyeho a mangata la amohela lentswe la hae ka thabo e tswang ho Moya o Halalelang.


Bana beso, re a le rapela hore le kgalemele dikgoba, le kgothatse ba nyahameng dipelo, le thuse ba fokolang, le mamelle bohle.


se nyediseng dineo tsa boporofeta.


Ho fihlela ke etla, o nne o bale Mangolo a halalelang, o kgothatse, o rute.


Ba entseng sebe o ba kgalemele mahlong a bohle, e le hore ba bang bohle ba tle ba tshabe.


Ekare ha motho a itlhwekisa ho tsena, e tla ba pitsa ya mesebetsi e kgethehileng, e halaleditsweng, e nang le thuso ho monga yona, e lokiseditsweng mesebetsi yohle e molemo.


A rute bahanyetsi ka bonolo. Mohlomong Modimo a ka ba fa hore ba bake, ba tsebe nnete,


Ha e le wena, o ntatetse ka hloko thutong, metsamaong, mererong, tumelong, mamellong, leratong, tiisetsong,


Bopaki boo ke ba nnete. Ka lebaka lena o ba kgalemele ka thata, e le hore ba tle ba be le tumelo ya nnete,


Bolela tsena, o kgothatse, o kgalemele ka matla wohle. Ho se be ya o nyedisang.


Bana beso, ke ipiletsa ho lona hore le mamelle mantswe ana a kgothatso, leha ke le ngoletse hakgutshwanyane.


“Bohle bao ke ba ratang ke a ba kgalemela, mme ke a ba otla. Tjheseha he, mme o bake.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos