Tite 2:5 - BIBELE le ho ba le boitlhompho le bohlweki, le ho hlokomela malapa a bona, le ho ba mosa, le ho ikokobeletsa banna ba bona, esere lentswe la Modimo la nyefolwa. Sesotho 1909/1961 (SO) ho phela ka kelello, le ho hlweka, le ho itulela mahae a bona; e be basadi ba molemo, ba utlwang banna ba bona, hore lentswe la Modimo le se ke la nyefolwa. Baasraak Sotho NT ba be masene, ba hlweke, ba hlokomele malapa a bona, ba be molemo, ba utlwe banna ba bona, e le hore lentswe la Modimo le se ke la nyefoloa. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 ba be masene, ba hlweke, ba hlokomele malapa a bona, ba be molemo, ba utlwe banna ba bona, e le hore lentswe la Modimo le se ke la nyefoloa. |
A re ho mosadi: “Ha o ithwetse, ke tla o atisetsa bohloko. O tla beleha bana ka bohloko, o lakatse monna wa hao, mme yena a o buse.”
Leha ho le jwalo, ka lebaka la hobane o nyedisitse Morena ka ho etsa ntho ena, ngwana enwa eo o tla mo tswallwa, yena o tla shwa.”
Modimo, ya o lwantshang, o tla o nyefola ho fihlela neng? Na sera se tla o nyedisa, se nyedise lebitso la hao kamehla?
Motseng wa Jopo ho ne ho ena le morutuwa ya bitswang Tabitha, e leng ho re Dorokase. Mosadi enwa o ne a etsa mesebetsi e mengata, e molemo, a etsetsa le mafutsana dithuso tse ngata.
Petrose a ema, a ya le bona. Ha a fihla, ba mo isa kamoreng e kahodimo, mme bahlolohadi bohle ba mo teela hare ba ntse ba lla, ba mmontsha mefuta ya diaparo eo Dorokase a neng a di etse ha a sa ntse a phela.
Empa ke rata hore le utlwisise hore Kreste ke hlooho ya monna e mong le e mong, monna ke hlooho ya mosadi, athe Modimo ke hlooho ya Kreste.
eka kgona basadi ba thole diphuthehong; ha ba a dumellwa ho bua. Kamoo le Molao o bolelang kateng, ba lokela ho laolwa.
Ha ho le jwalo, e mong le e mong wa lona a rate mosadi wa hae jwalokaha a ithata; mosadi le yena a homphe monna wa hae.
Hape e be ya pakwang ke mesebetsi ya hae e metle, e kang ho hodisa bana hantle, ho amohela baeti, ho hlatswa badumedi maoto, ho thusa ba tsietsing, esita le ho nna a etsa mesebetsi yohle e molemo.
Bohle ba leng tlasa joko ya bokgoba ba ke ba nke beng ba bona e le ba lokelwang ke hlompho yohle, esere lebitso la Modimo le thuto ya hae tsa nyefolwa.