Morena a re ho yena: “Ke tla boela ke o etela hape isao, ka yona nako ena, mme bona, mosadi wa hao Sara o tla be a se a ena le mora.” Sara o ne a ntse a utlwa, a eme monyakong wa tente, kamorao ho bona.
A nka sereledi le lebese la motsididi, le nama ya namane e phehilweng hantle, tsena a di bea kapele ho bona; yena a ema pela bona, tlasa sefate, ha ba ntse ba eja.
Labane a kena ka tenteng ya Jakobo, le ka tenteng ya Lea, le ka tenteng ya makgabunyane a mabedi, empa a se ke a fumana medimo eo. A tswa ka tenteng ya Lea, a kena ka tenteng ya Ragele.
le ho ba le boitlhompho le bohlweki, le ho hlokomela malapa a bona, le ho ba mosa, le ho ikokobeletsa banna ba bona, esere lentswe la Modimo la nyefolwa.
Ka tumelo ya eba mojaki naheng eo a e tshepisitsweng. A phela ditenteng le Isaka le Jakobo, bao e bileng majalefa a tshepiso e le nngwe hammoho le yena.