Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




2 Samuele 12:14 - BIBELE

14 Leha ho le jwalo, ka lebaka la hobane o nyedisitse Morena ka ho etsa ntho ena, ngwana enwa eo o tla mo tswallwa, yena o tla shwa.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Leha ho le jwalo, ka baka la hobane o nyefodisitse dira tsa Jehova ka taba eo, ngwana ya tswaletsweng wena o tla shwa ruri.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 12:14
16 Referencias Cruzadas  

Yaba Nathane o ikela tlung ya hae. Morena a otla ngwana eo mosadi wa Uriya a ileng a mo tswalla Davida. Ngwana eo a kula haholo.


Ka boela ka re: “Ntho ena eo le e etsang ha e a loka. Le tshwanela ho phela ka ho tshaba Modimo wa rona, e le hore baditjhaba, e leng dira tsa rona, ba tle ba se ke ba re nyatsa.


Wena Modimo, o tseba bothoto ba ka, diphoso tsa ka ha di a pateha ho wena.


Modimo, ya o lwantshang, o tla o nyefola ho fihlela neng? Na sera se tla o nyedisa, se nyedise lebitso la hao kamehla?


Morena, ho lehlohonolo motho eo o mo kgalemelang, eo o mo rutang ka Molao wa hao,


Morena Modimo wa rona, o nnile wa ba araba, wa ba Modimo ya ba tshwarelang, ya mpang a ba otla ka baka la bokgopo ba bona.


Morena o re: “Ebe jwale moo ke bonang? Tjhaba sa ka se thopilwe ntle ho lebaka, babusi ba sona ba a soma,” ho rialo Morena. “Bitso la ka le nyefolwa kamehla.


“Hara ditjhaba tsohle tsa lefatshe, ke lona feela ke ileng ka le kgetha; ka baka leo, ke tla le otla, ke le otlele makgopo a lona, makgopo a lona kaofela.”


Ho madimabe lefatshe ka baka la dikgopiso. Dikgopiso di tlameha ho hlaha, empa ho madimabe motho eo dikgopiso di hlahang ka yena.


Lebitso la Modimo le nyefolwa hara ditjhaba ka baka la lona, jwalokaha ho ngotswe.


Empa re a tsuwa, mme re otlwa ke Morena, e le hore re tle re se ke ra ahlolwa mmoho le lefatshe.


hoba Morena o kgalema eo a mo ratang, o shapa mora e mong le e mong eo a mo amohelang.”


“Bohle bao ke ba ratang ke a ba kgalemela, mme ke a ba otla. Tjheseha he, mme o bake.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos