Yaba Aborahama o rapela Modimo, mme Modimo a fodisa Abimeleke le mosadi wa hae, le makgoba a basadi, mme ba tswala bana.
Ruthe 4:13 - BIBELE Boase a nka Ruthe ya eba mosadi wa hae. Boase a kena dikobong tsa hae, Ruthe ya eba moimana, mme a tswala mora. Sesotho 1909/1961 (SO) Ebile Boase o nka Ruthe, ya eba mosadi wa hae; a ya ho yena, mme Jehova a mo emodisa, mme a tswala moshanyana. |
Yaba Aborahama o rapela Modimo, mme Modimo a fodisa Abimeleke le mosadi wa hae, le makgoba a basadi, mme ba tswala bana.
Isaka a rapella mosadi wa hae ho Morena, hobane e ne e le nyopa, mme Morena a utlwa thapelo ya hae, Rebeka mosadi wa hae ya eba moimana.
Jakobo a halefela Ragele haholo, mme a re: “Na nna ke Modimo, yena ya o entseng nyopa?”
Yare ha Esau a phahamisa mahlo, mme a bona basadi le bana, a re: “Ke bo-mang baa ba nang le wena?” Jakobo a re: “Ke bana bao Modimo a ba fileng mohlanka wa hao ka mohau.”
Se tshabe, ngwanaka, ke tla o etsetsa tsohle tseo o di kopang, hobane batho bohle ba motse wa heso ba a tseba hore o mosadi ya kgabane.
Bana bao Morena a tla o fa bona ka mosadi enwa, ba ke ba be jwaloka bana ba Perese, bao Tamare a neng a ba tswalle Juda.”
Ke ne ke kopa hore a mphe moshanyana enwa, mme Morena o nneile seo ke neng ke se kope ho yena.
Ba neng ba kgora, ba sebeletsa bohobe, ba neng ba lapa ba a kgora; e, nyopa e tswetse bana ba supile, ya belehileng haholo o setse a itlhophere.