Sekgoba se a lakatsa, empa ha se fumane letho, sekgothadi se a atleha, se kgotsofatswa ke tsohle.
Ruthe 2:7 - BIBELE Ngwanana enwa o ile a nkopa, a re: ‘Ako ntumelle ke sale bakotudi morao, ke kgwahlapise, mme ke bokelle koro e pakeng tsa mangata.’ O ile a tla he, mme haesale a kgwahlapisa ho tloha hoseng, ho fihlela jwale; ke hona a sa itseng kgefu hanyenyane ka lephepheng!” Sesotho 1909/1961 (SO) O itse: Ntumelle ke thole, ke thonake pela mangata, ke ntse ke setse bahedi marao. O kene jwalo, o nnile a thonaka haesale hosasa, ho fihlela jwale, haese motsotso oo a keneng tlung ho phomola hanyenyane. |
Sekgoba se a lakatsa, empa ha se fumane letho, sekgothadi se a atleha, se kgotsofatswa ke tsohle.
Ha o bona motho wa setsebi sa mesebetsi, tseba eo o tla sebeletsa dikgosi, ha a ka ke a sebeletsa bathwana.
Tsohle tseo o ka di etsang, o di etse ka matla a hao kaofela, hobane lebitleng, moo o yang teng, ha ho sa na mosebetsi, kapa merero, kapa tsebo, kapa bohlale.
Le se ke la ba botswa, le mpe le be mafolofolo, le sebeletse Morena ka moya o tjhesehang.
Re se kgathale ho etsa tse molemo, hobane re tla kotula ka nako e lokelang, haeba re sa tepelle.
Ruthe wa ba Moabe a re ho Naomi: “Ntumelle ke ye masimong, ke yo kgwahlapisa koro tshimong ya ya ka nkgauhelang.” Naomi a re ho yena: “Eya, ngwanaka.”
Jwale Ruthe wa Moabe a re: “O bile a re ho nna: ‘O sebetse le bahlanka ba ka ho fihlela ba qeta ho hela koro ya ka.’ ”
Mohlanka a mo araba, a re: “Ke ngwanana wa ba Moabe, ya tlileng le Naomi ha a ne a kgutla naheng ya Moabe.
Boase a re ho Ruthe: “Mamela mona, ngwanaka: O se ke wa ya kgwahlapisa tshimong e nngwe, mme o se ke wa tloha mona. O sebetse mona le makgabunayne ana a ka.