Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Ruthe 2:6 - BIBELE

6 Mohlanka a mo araba, a re: “Ke ngwanana wa ba Moabe, ya tlileng le Naomi ha a ne a kgutla naheng ya Moabe.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Mohlanka ya beilweng molebedi wa bahedi a araba, a re: Ke morwetsana wa Moabe ya sa tswa fihla le Naomi, a etswa naheng ya Moabe.

Ver Capítulo Copiar




Ruthe 2:6
10 Referencias Cruzadas  

Empa Aborame a re: “Oho, Morena Modimo, o tla nneang, ha e le moo ke tla shwa ke se na ngwana, mme mojalefa wa ntlo ya ka e le Eleesere wa Modamaseka?”


Jwale Aborahama a re ho mohlanka wa hae, ya sebeditseng tlung ya hae halelele ho feta bohle, ya neng a okamela tsohle tseo a nang le tsona: “Ako bee seatla sa hao katlasa serope sa ka,


Monga Josefa a mo hauhela, mme Josefa a mo sebeletsa. Monga hae a mo etsa mookamedi wa lelapa la hae, le molaodi wa tsohle tseo a nang le tsona.


“Mantsiboya monga tshimo ya morara a re ho mookamedi wa mosebetsi wa hae: ‘Bitsa basebetsi, o ba lefe meputso ya bona, ho qala ka ba ho qetela ho isa ho ba pele.’


“Jwale ke ofe mohlanka ya tshepahalang, ya bohlale, eo monga hae a mmeileng ho laola ba lelapa la hae, hore a ba fepe ka nako e lokelang?


Empa Ruthe a re: “O se ke wa nqobella hore ke kgaohane le wena, kapa hore ke se ke ka tsamaya le wena, hobane “moo o yang teng ke tla ya teng, moo o phelang teng ke tla phela teng; tjhaba sa heno e be tjhaba sa heso, Modimo wa hao e be Modimo wa ka.


Ba tsamaya bobedi ba bona, ba ba ba ya fihla Betlelehema. Ha ba se ba fihlile Betlelehema, batho bohle ba motse ba ba bokanela, basadi ba kgotsa, ba re: “Na eo ke Naomi?”


Naomi a kgutla tjena naheng ya Moabe, a ena le Ruthe, ngwetsi ya hae ya ba morabe wa Moabe; ba fihla Betlelehema ha ho qalwa ho helwa harese.


Jwale Boase a botsa mohlanka wa hae, ya okametseng bakotudi, a re: “Ke moradi wa mang eo?”


Ngwanana enwa o ile a nkopa, a re: ‘Ako ntumelle ke sale bakotudi morao, ke kgwahlapise, mme ke bokelle koro e pakeng tsa mangata.’ O ile a tla he, mme haesale a kgwahlapisa ho tloha hoseng, ho fihlela jwale; ke hona a sa itseng kgefu hanyenyane ka lephepheng!”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos