Ba tlisa mealo, le dikotlolo, le dipitsana tsa letsopa, le koro, le harese, le phofo, le sebera, le dinawa, le dierekisi, le dipabi,
Ruthe 2:14 - BIBELE Ka nako ya dijo Boase a re ho yena: “Tloo kwano, o tlo ja bohobe, o bo qopetse ka veineng e bohla.” Ruthe a dula le bakotudi, mme Boase a mo fa koro e hadikilweng. A ja, a kgora, a ba a di siya. Sesotho 1909/1961 (SO) Ha ho jewa, Boase a re ho yena: Atamela mona, o je bohobe o qopetse mothamo wa hao wa bohobe aseneng. Ebile o dula pela bahedi; ba mo nea matshohlo, a ja, a kgora, le ho boloka a boloka. |
Ba tlisa mealo, le dikotlolo, le dipitsana tsa letsopa, le koro, le harese, le phofo, le sebera, le dinawa, le dierekisi, le dipabi,
O ntokisetsa dijo mahlong a dira tsa ka; o nkamohela ka ho ntlotsa hlooho ka ole, le ka ho tlatsa mohope wa ka haholo.
Ke hore o abelane dijo le ba lapileng, o amohele baleleri lapeng la hao, ba hlobotseng o ba fe diaparo, bang ka wena o ba thuse.
Ba eja bohle, ba kgora; yaba ho bokellwa makumane a setseng, mme a tlatsa diroto tse leshome le metso e mmedi.
Le tla ja, le kgore, mme le hlohonolofatse Morena Modimo wa lona, ka baka la naha e ntle eo a le neileng yona.”
Ruthe a re: “Ako nkgauhele, morena ka; o ntshedisitse, mme o buile ka mosa ho lekgabunyane la hao, le hoja ke sa tshwane le le leng la makgabunyane ana a hao.”
Eitse ha e ema ho boela a kgwahlapisa, Boase a laela bahlanka ba hae, a re: “Le mo tlohele a kgwahlapise le hara mangata, mme le se ke la mo thibela.
A nka koro eo a e kgwahlapisitseng, a ya motseng wa habo, a bontsha matsalae seo a se kgwahlapisitseng. A mo fa le dijo tse ileng tsa sala ha a eja dijo tsa motsheare.
Yaba Jese o re ho Davida, mora wa hae: “Nka dikilo tse leshome tsa koro e hadikilweng, le dinkgwa tse leshome, o phakise o di ise diahelong, ho bana beno.
Yaba Abikaele o a potlaka, o nka dinkgwa tse makgolo a mabedi, le makuka a mabedi a veine, le nama e phehilweng ya dinku tse hlano, le dikilo tse leshome le metso e supileng tsa koro e hadikilweng, le masihla a lekgolo a morara wa mangangajane, le maqebekwane a makgolo a mabedi a mangangajane a feiye, o di bofa ditonking.