Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Ruthe 2:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ha ho jewa, Boase a re ho yena: Atamela mona, o je bohobe o qopetse mothamo wa hao wa bohobe aseneng. Ebile o dula pela bahedi; ba mo nea matshohlo, a ja, a kgora, le ho boloka a boloka.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 Ka nako ya dijo Boase a re ho yena: “Tloo kwano, o tlo ja bohobe, o bo qopetse ka veineng e bohla.” Ruthe a dula le bakotudi, mme Boase a mo fa koro e hadikilweng. A ja, a kgora, a ba a di siya.

Ver Capítulo Copiar




Ruthe 2:14
17 Referencias Cruzadas  

ba tlisa diphate, le merifi, le dipitsa tsa letsopa, le koro, le harese, le phofo, le diqhome, le dinawa, le dierikise, le dipabi,


O teka tafole pela ka, pontsheng ya dira tsa ka; o tlotsitse hlooho ya ka ka ole, mohope wa ka o a kgaphatseha.


Empa motho ya kgabane o rera tsa bokgabane o phehella tsa bokgabane.


Na hase hore o abele ya lapileng bohobe ba hao, o amohele mofutsana ya twailang tlung ha hao na? Leha o bona motho ya hlobotseng, o mo apese, o se ke wa ipata pela ngwaneno.


Mme ba eja bohle, ba kgora, ha ba ha thonakwa dingwathwana tse setseng, tsa tlatsa diroto tse leshome le metso e mmedi.


Naheng ya hao ke tla medisa jwang ba mehlape ya hao; mme o tla ja, o kgore.


O tla ja o kgore, mme o tla boka Jehova, Modimo wa hao, ka baka la lefatshe le molemo leo a o neang lona.


Ruthe a re: A nke ke bone mohau pela hao, mong a ka, etswe o ntshedisitse, o buile le pelo ya lekgabunyane la hao, leha ke se jwaloka le leng la makgabunyane a hao.


A ntoo tsoha, a ya thonaka. Boase a laela bahlankana ba hae, a re: A thonake le hara mangata, mme le se ke la mo kgalemela.


A e nka, a ya le yona hae, mme matsalae a bona seo a se thonakileng. Ruthe a ntsha le seo a neng a se bolokile, hobane a kgore, mme a mo nea sona.


Jese a re ho mora hae Davida: Isetsa banabeno efa ya koro e hadikilweng le dipolokwe tsena tse leshome, o titimele ho banabeno diahelong.


Ha ho le jwalo, Abigaile a phakisa a nka makgolo a mabedi a dipolokwe, le makuka a mabedi a veine, le nku tse hlano tse seng di lokisitswe, le ditekanyo tse hlano tsa diqhome, le lekgolo le le leng la merara, le makgolo a mabedi a dinkgwa tsa difeiye, a di belesa dieseleng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos