Maqosa a kgutlela ho Jakobo, a re: “Re ile ra fihla ho moholwane wa hao Esau, mme le yena o ntse a etla ho tla o kgahlanyetsa, a ena le banna ba makgolo a mane.”
Ruthe 2:13 - BIBELE Ruthe a re: “Ako nkgauhele, morena ka; o ntshedisitse, mme o buile ka mosa ho lekgabunyane la hao, le hoja ke sa tshwane le le leng la makgabunyane ana a hao.” Sesotho 1909/1961 (SO) Ruthe a re: A nke ke bone mohau pela hao, mong a ka, etswe o ntshedisitse, o buile le pelo ya lekgabunyane la hao, leha ke se jwaloka le leng la makgabunyane a hao. |
Maqosa a kgutlela ho Jakobo, a re: “Re ile ra fihla ho moholwane wa hao Esau, mme le yena o ntse a etla ho tla o kgahlanyetsa, a ena le banna ba makgolo a mane.”
Jakobo a re: “Tjhe bo, ke a o rapela; haeba o nkgauhetse, amohela mpho eo ke o neang yona, hobane ke bone sefahleho sa hao, jwalokaha eka ke bona sefahleho sa Modimo, mme wa nkamohela ka thabo.
Yaba Esau o re: “A nke ke o siele banna ba bang ba ka.” Empa Jakobo a re: “Hobaneng? Ha ke mpe ke hauhelwe ke morena ka.”
Yaba Esau o re: “O bolela eng ka dihlopha tsee tsohle, tseo ke kopaneng le tsona?” Jakobo a re: “Ke hore morena ka a nkgauhele.”
Pelo ya Shekeme ya kgomarela Dina, moradi wa Jakobo; a rata mosetsana eo, mme a bua le yena hamonate, a leka ho hapa pelo ya hae.
Modimo ya matla wohle a ke a le fumantshe mohau ho monna eo, e le hore a tle a kgutlise ngwanabo lona e mong, esita le yena Benjamine, empa haeba nna ke amohuwa bana, ke hle ke ba amohuwe.”
Yaba kgosi e re ho Siba: “Tsohle tseo e leng tsa Mefiboshete ke tsa hao.” Siba a re: “Oho, monga ka, kgosi ya ka, ke isa hlompho ho wena; ako nkgauhele.”
“Mohla tsatsi leo,” ho rialo Morena, “wena o tla mpitsa: ‘Monna wa ka’, ha o sa tla hlola o mpitsa: ‘Baale’, e leng ho bolela: ‘Monga ka’.
Le se ke la etsa letho ka kgang kapa ka boithoriso ba lefeela, empa ka boikokobetso e mong le e mong wa lona a nke ba bang ba le baholo ho yena.
Monna wa hae a ema, a mo latela, a mo qekisa hore a kgutlele ho yena. Monna eo o ne a ile le mohlanka wa hae, le ditonki tse pedi. Mosadi a mo isa ka tlung ya ntatae, mme ntata mosadi eo a thaba ha a bona Molevi eo.
Morena a ke a o putse ka baka la tseo o di entseng. Morena Modimo wa Iseraele, eo o tshabetseng katlasa mapheo a hae, a ke a o nee moputso o phethahetseng.”
Ka nako ya dijo Boase a re ho yena: “Tloo kwano, o tlo ja bohobe, o bo qopetse ka veineng e bohla.” Ruthe a dula le bakotudi, mme Boase a mo fa koro e hadikilweng. A ja, a kgora, a ba a di siya.
Anna a re: “Ako tadime lekgabunyane la hao ka mohau.” Mosadi eo a ikela, mme a ja, sefahleho sa hae sa kganya kgotso.
Abikaele a ema, a sheba fatshe, a re: “Bonang, nna ke lekgabunyane la hae, mme nka hlatswa le maoto a bahlanka ba hae.”