Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 16:4 - BIBELE

4 Yaba kgosi e re ho Siba: “Tsohle tseo e leng tsa Mefiboshete ke tsa hao.” Siba a re: “Oho, monga ka, kgosi ya ka, ke isa hlompho ho wena; ako nkgauhele.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Morena a re ho Tsiba: Bona, tsohle tseo e leng tsa Mefiboshethe ke tsa hao. Tsiba a re: Ke a inama, ke re, a nke ke bone mohau ho morena, monga ka.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 16:4
14 Referencias Cruzadas  

Joabe a itihela fatshe ka sefahleho, a isa hlompho, a lakaletsa kgosi mahlohonolo, mme a re: “Oho, monga ka, kgosi ya ka, kajeno mohlanka wa hao o a tseba hore o mo hauhetse, hobane kgosi e phethahaditse kopo ya mohlanka wa yona.”


Mosadi enwa wa Tekowa a ya bua le kgosi. Ha a fihla a itihela fatshe ka sefahleho, a isa hlompho, a re: “Oho, kgosi, nthuse!”


Kgosi ya re ho mosadi enwa: “Kgutlela ha hao, mme ke tla fana ka taelo mabapa le wena.”


Kgosi ya re: “Mora wa monga hao o kae?” Siba a re ho kgosi: “O dula Jerusalema, hobane o re: ‘Kajeno ntlo ya Iseraele e nkgutliseditse mmuso wa ntate.’ ”


Ha kgosi Davida a fihla Bahurime, a bona ho etla monna wa lelapa la ntlo ya Saule, lebitso la hae e le Shimei, mora wa Gera. A tla a ntse a hlapaolana.


yaba mohlanka eo o ntshenya lebitso ho monga ka, kgosi ya ka. Empa monga ka, kgosi ya ka, o jwaloka lengeloi la Modimo; ka baka leo, etsa seo o bonang se lokela.


Ha Mefiboshete, mora wa Jonathane, setloholo sa Saule, a fihla ho Davida, a itihela fatshe ka sefahleho, a isa hlompho. Davida a re: “Mefiboshete!” Yena a araba, a re: “Ke nna enwa, mohlanka wa hao!”


Jwale kgosi ya bitsa Siba, mohlanka wa Saule, ya re ho yena: “Tsohle tseo e neng e le tsa Saule le tsa lelapa lohle la hae, ke di neile mora wa monga hao.


“O se ke wa amohela tjotjo, hobane tjotjo e a foufatsa, mme e sotha dipolelo tsa ya lokileng.


Ya arabang a sa imamela hantle ke sethoto, o hlabisa dihlong.


Moqosi ha a bua ka kgotla e ye e ke o bua nnete, ho fihlela ha moqosuwa a mo hloma dipotso.


Ho tjheseha motho a hloka tsebo ha ho na thuso, ho ba mahlahahlaha ho lahlisa motho tsela.


“Paki e le nngwe e ke ke ya hlahisa bopaki bo qosang motho malebana le bokgopo bofe kapa bofe, kapa malebana le sebe sefe kapa sefe seo a se etsang. Qoso e tla ahlolwa ho ya ka bopaki ba dipaki tse pedi kapa tse tharo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos