Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 16:5 - BIBELE

5 Ha kgosi Davida a fihla Bahurime, a bona ho etla monna wa lelapa la ntlo ya Saule, lebitso la hae e le Shimei, mora wa Gera. A tla a ntse a hlapaolana.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Davida ha a fihla Bahurime, a bona ho etswa teng monna wa lesika la ntlo ya Saule, lebitso la hae e le Shimei, mora Gera; a tla a ntse a rohakana.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 16:5
22 Referencias Cruzadas  

Kgosi le batho bohle ba neng ba ena le yona ba fihla ba kgathetse, mme ba phomola hona moo.


Yaba kgosi e re ho Siba: “Tsohle tseo e leng tsa Mefiboshete ke tsa hao.” Siba a re: “Oho, monga ka, kgosi ya ka, ke isa hlompho ho wena; ako nkgauhele.”


Monna enwa a kurutlela Davida ka majwe, a kurutlela le bahlanka bohle ba kgosi Davida, le batho bohle, le bahale bohle ba neng ba mo teetse hare.


Empa moshanyana a ba bona, mme a bolella Abosalome. Bobedi ba bona ba tloha ka lehlaphahlapha, ba fihla tlung ya monna e mong, mane Bahurime. Lebaleng la ntlo ya monna eo ho ne ho ena le sekoti, mme ba theohela ka ho sona.


le Abialebone wa Areba, le Asemafete wa Barehume,


Paletiele a tsamaya a ntse a lla, a setse mosadi wa hae morao, a ba a ya fihla Bahurime. Abinere a re ho yena: “Kgutlela hae!” Yaba Paletiele o a kgutla.


Motseng wa Shushane, e leng motse wa bokgosi, ho ne ho ena le monna wa Mojuda, ya bitswang Moredekai, mora wa Jaire, setloholo sa Shimei, setloholwana sa Kishe wa Mobenjamine.


Kahoba Modimo a mphokodisitse, a ntshotlile, ha ba sa itshwara leha ba le pela ka.


Ke a hlobaela, mme ke a fehelwa, ke ka nonyana e dutseng e inotshi, e dutseng hodima sehlohlolo.


Bona ba a rohakana, empa wena o a hlohonolofatsa; ba ntsohelang matla ba ke ba hlajwe ke dihlong, mohlanka wa hao yena a ke a thabe.


Leaho la bona le ke le fetohe lesupi, ho se be motho metlotlwaneng ya bona.


hobane ke sona seaparo sa hae feela, ke sona se mo futhumatsang. A ka robala kang? Ha a ka ipiletsa ho nna ke tla mo utlwa, hobane ke mohau.


“O se ke wa nyefola Modimo, mme o se ke wa rohaka mmusi wa setjhaba sa heno.


Jwaloka serobele se phuphuselang, kapa lefokotsane le okaokelang, motho ha a silafatswe ke thohako ya lefeela.


Se rohake kgosi, leha e le ka mehopolong ya hao, kapa morui ha o le ka kamoreng ya ho robala, hoba nonyana e fofang e ka utlwa polelo tsa hao, tlhatsinyane ha e rura ya tsamaya e di bolela.


Batho ba tla lelera lefatsheng ba tsielehile, ba lapile, mme etlare ha ba lapile ba pote, ba tadime hodimo, ba rohake kgosi ya bona le Modimo wa bona.


Mofilesita a re ho Davida: “Na nna ke ntja, ha o ntlela ka molangwana tjee?” Mofilesita a rohaka Davida ka modimo wa hae,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos