E se eka le lona Morena a ka le bontsha lerato la hae le botshepehi ba hae. Le nna ke tla le buseletsa, hobane le entse ketso ena.
Ruthe 1:8 - BIBELE Naomi a re ho dingwetsi tsa hae: “Kgutlang, e mong le e mong a boele lapeng habo. Morena a ke a be molemo ho lona, jwalokaha le bile molemo ho nna le ho ba shweleng. Sesotho 1909/1961 (SO) Ebile Naomi o re ho dingwetsi tsa hae tse pedi: Kgutlang, le ipoelle e mong le e mong tlung ya mmae; Jehova a le etse ka mohau, kamoo le etseditseng nna kateng, le ba shweleng. |
E se eka le lona Morena a ka le bontsha lerato la hae le botshepehi ba hae. Le nna ke tla le buseletsa, hobane le entse ketso ena.
Tsebang hore Morena o tla le putsa ka ho le etsa majalefa a hae. Morena eo le mo sebeletsang ke Kreste.
Bo-Mahelone le Kilejone le bona ba eshwa, mme mma bona a sala a se a se na monna le bara ba hae ba babedi.
Ka baka leo, Naomi le dingwetsi tsa hae tse pedi ba tloha moo ba neng ba phela teng. Ha ba le tseleng e yang naheng ya Juda,
Morena a ke a nee e mong le e mong wa lona monna le lelapa le tla ba le kgotso.” Yaba Naomi o a ba aka, empa bona ba lla haholo.
Yaba Naomi o re ho ngwetsi ya hae: “Morena ya hauhelang ba phelang le ba shweleng a ke a mo hlohonolofatse.” Naomi a eketsa, a re ho yena: “Monna eo ke seng le rona, re tswalana le yena.”
Boase a re: “Morena a ke a o hlohonolofatse, ngwanaka, hobane seo o se entseng hona jwale se setle ho feta seo o se entseng pele. Ha o a ka wa matha kamora bahlankana, leha e le ba futsanehileng kapa ba ruileng.