Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




2 Samuele 2:6 - BIBELE

6 E se eka le lona Morena a ka le bontsha lerato la hae le botshepehi ba hae. Le nna ke tla le buseletsa, hobane le entse ketso ena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Jehova a le etse jwalo ka mohau le ka nnete; le nna ke tla le etsetsa molemo, kahobane le entse hoo.

Ver Capítulo Copiar




2 Samuele 2:6
15 Referencias Cruzadas  

Davida a re: “Hanune, mora wa Nahashe, ke tla mo etsetsa tse molemo, jwalokaha ntatae a ile a nketsetsa tse molemo.” Ka baka leo, Davida a roma bahlanka ba hae ho mo isetsa matshediso, ka baka la lefu la ntatae. Ha bahlanka ba Davida ba fihla naheng ya Baamone,


O tswa fihla maobanyana mona; jwale ebe nka re o nne o lelere le rona hohle moo re yang teng, empa ke sa tsebe le hore na ke ya kae? Kgutla, o tsamaye le bana beno, mme Morena a ke a o hauhele, a o etsetse tse molemo.”


Ka baka leo, matlafalang, le be bahale le hoja monga lona Saule a shwele, ba morabe wa Juda ba se ba ntlotsitse hore ke be kgosi ya bona.”


Kgosi ya re: “Na ho sa na le e mong wa lelapa la Saule, eo nka mmontshang lerato la Modimo?” Siba a re ho kgosi: “Jonathane o ntse a ena le mora, feela o holofetse maoto.”


Davida a re ho yena: “O se ke wa tshaba, hobane ruri ke tla o etsetsa molemo ka baka la ntatao Jonathane. Ke tla o buseletsa naha yohle ya ntataomoholo Saule, mme ke tla o fepa kamehla.”


Ke ipiletsa ho Modimo, Ya Hodimodimo, yena Modimo ya nketsetsang tsohle.


Yaba Morena o feta kapele ho yena, mme a howa, a re: “Ke nna Morena! Ke nna Morena! Modimo ya nang le kutlwelobohloko, ya mosa, ya diehang ho halefa, ya nang le mohau o moholo le botshepehi;


Ba rerang bobe ba a lahleha, empa ba rerang botle ba fumana mohau le nnete.


“Bonang, ke le roma jwaloka dinku hara diphiri; ha ho le jwalo le be masene jwaloka dinoha, mme le hloke mano jwaloka maeba.


Empa nna ke re ho lona: Ratang dira tsa lona, le rapelle ba le hlorisang,


Ho lehlohonolo ba mohau, hobane ba tla hauhelwa.


Banna bao ba re ho yena: “Re tla o shwela, haeba o ke ke wa bolela taba ena ya rona. Ha Morena a se a re neile naha ena, re tla ba mosa ho wena, re tshepahale.”


Naomi a re ho dingwetsi tsa hae: “Kgutlang, e mong le e mong a boele lapeng habo. Morena a ke a be molemo ho lona, jwalokaha le bile molemo ho nna le ho ba shweleng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos