La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Ruthe 1:22 - BIBELE

Naomi a kgutla tjena naheng ya Moabe, a ena le Ruthe, ngwetsi ya hae ya ba morabe wa Moabe; ba fihla Betlelehema ha ho qalwa ho helwa harese.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Ke hona ho kgutla ha Naomi, ba ena le Ruthe wa Moabe, ngwetsi ya hae, ha ba etswa naheng ya Moabe. Ba fihla Bethlehema, batho ha ba qala ho hela harese.

Ver Capítulo



Ruthe 1:22
6 Referencias Cruzadas  

Kgosi ya neelana ka bona matsohong a Bagibeone. Bagibeone ba ba fanyehela thabeng, kapele ho Morena, mme ba eshwa bohle ka bosupa ba bona. Ha ba bolawa e ne e le qalehong ya matsatsi a kotulo, ha ho qalwa ho hela harese.


“Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona: ‘Ha le fihla naheng eo ke le naeng yona, mme le kotula tseo e di behileng, le tla tlisetsa moprista ngata ya dilopotsiya tsa lona.


Yena o tla akgotsa ngata eo kapele ho Morena, e le hore le tle le amohelehe. Moprista o tla e akgotsa hoseng ha letsatsi le hlahlamang la phomolo.


Ka mokgwa o jwalo Ruthe a nna a kgwahlapisa le makgabunyane a Boase ho fihlela ho qetwa ho helwa harese le koro. Ruthe a nna a dula le matsalae.


Mohlanka a mo araba, a re: “Ke ngwanana wa ba Moabe, ya tlileng le Naomi ha a ne a kgutla naheng ya Moabe.