Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Ruthe 2:1 - BIBELE

1 Naomi o ne a ena le e mong wa habo monna wa hae. E ne e le monna ya ruileng, wa lelapa labo Elimeleke. Lebitso la hae e ne e le Boase.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Naomi o ne a na le wa habo monna wa hae, monna ya matla, ya ruileng, wa lesika le Elimeleke, lebitso la hae e le Boase.

Ver Capítulo Copiar




Ruthe 2:1
13 Referencias Cruzadas  

Menaheme o ne a ile a ntshisa barui ba Baiseraele sethabathaba, monna ka mong a ntsha ditjhelete tsa silefera tse ka bang boima ba halofo ya kilo, hore a tle a thelle kgosi ya Asiria ka tjhelete eo. Yaba kgosi ya Asiria e a kgutla, ya se ke ya dula naheng eo ya Iseraele.


O ne a ruile dikgutshwane tse dikete tse supileng, le dikamele tse dikete tse tharo, le dipholo tse sekete, le ditonki tse tshehadi tse makgolo a mahlano. O ne a ena le bahlanka ba bangata, kahoo e le morui ya fetang barui bohle ba Botjhabela.


haeba ke nyakaladitswe ke ho rua haholo, hobane ka matsoho a ka ke sebeditse haholo;


Salema a tswala Boase ka Rahaba, Boase a tswala Obede ka Ruthe, Obede a tswala Jese,


mora wa Jese, mora wa Obede, mora wa Boase, mora wa Shela, mora wa Nashone,


Lebitso la monna eo e ne e le Elimeleke, mosadi wa hae e le Naomi, bara ba hae e le Mahelone le Kilejone. E ne e le Baeferata ba tswang Betlelehema e Juda. Ba fihla naheng ya Moabe, ba aha teng.


Ruthe wa ba Moabe a re ho Naomi: “Ntumelle ke ye masimong, ke yo kgwahlapisa koro tshimong ya ya ka nkgauhelang.” Naomi a re ho yena: “Eya, ngwanaka.”


Ke nnete, ke tswalana le wena, empa ho na le e mong ya haufi le wena, empa ho na le e mong ya haufi le wena ka tswalano ho mpheta.


Ha ke re Boase, eo o kileng wa sebetsa le makgabunyane a hae, ke seng le rona? Bona, bosiung bona o tla be a olosa harese seotlong.


Salemone a tswala Boase; Boase a tswala Obede;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos