Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Ruthe 2:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Naomi o ne a na le wa habo monna wa hae, monna ya matla, ya ruileng, wa lesika le Elimeleke, lebitso la hae e le Boase.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Naomi o ne a ena le e mong wa habo monna wa hae. E ne e le monna ya ruileng, wa lelapa labo Elimeleke. Lebitso la hae e ne e le Boase.

Ver Capítulo Copiar




Ruthe 2:1
13 Referencias Cruzadas  

Menaheme a ntshisa Iseraele lekgetho la tjhelete tseo, a re, bohle ba ruileng ba ntshetse morena wa Assiria, motho ka mong a ntshe dishekele tse mashome a mahlano tsa silefera. Ebile moo morena wa Assiria a kgutlang, a se ke a dula lefatsheng la Iseraele.


Leruo la hae e ne e le dinku tse dikete tse supileng, le dikamele tse dikete tse tharo, le dikgomo tse lekanang dijoko tse makgolo a mahlano, le diesele tse tshehadi tse makgolo a mahlano, le bahlanka ba bangata; monna eo o ne a fetisa banna kaofela ba Botjhabela ka boholo.


ha ekaba ke nyakalletse boholo ba maruo a ka le tse ngata tse bokeletsweng ke matsoho a ka;


Salmone a tswala Boase, ka Rahaba; Boase a tswala Obede, ka Ruthe; Obede a tswala Jese;


wa Jese wa Obede, wa Boase, wa Salmone, wa Naasone,


Lebitso la monna eo e ne e le Elimeleke, bitso la mosadi wa hae e le Naomi; mabitso a bara ba hae ba babedi e ne e le Mahalone le Kilione; e ne e le ba Efrata ba Bethlehema-Juda. Ba fihla naheng ya Moabe, ba ahella teng.


Ruthe wa Moabe a re ho Naomi: Ntumelle hle, ke ye masimong, ke thonake diqwapi ke setse ba ka nkgauhelang morao. Naomi a re ho yena: O ka ya, moradi wa ka.


Jwale, ke fela ke le wa heno, empa monna e mong o teng eo e leng wa heno ho fetisa nna.


Ha ke re jwale, Boase eo o kileng wa sebetsa le barwetsana ba hae ke wa heso na? Bona, bosiung bona, o ya olosa harese seotlong.


Salma a tswala Boase, Boase a tswala Obede,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos