Tlala ya eba teng naheng eo; yaba Aborame o theohela Egepeta ho ya jakajaka teng, hobane tlala e ne e le kgolo naheng ya Kanana.
Ruthe 1:1 - BIBELE Mehleng ya ha ho ne ho busa baahlodi, naha ya Iseraele ya eba le tlala. Monna e mong wa Betlelehema e Juda, a ena le mosadi wa hae le bara ba hae ba babedi, a ya jaka naheng ya Moabe. Sesotho 1909/1961 (SO) Tshiung tseo ho neng ho busa baahlodi, tlala ya wela lefatshe la Iseraele. Yaba monna e mong wa Bethlehema-Juda o tloha, a ya jaka naheng ya Moabe, a ena le mosadi wa hae le bara ba hae ba babedi. |
Tlala ya eba teng naheng eo; yaba Aborame o theohela Egepeta ho ya jakajaka teng, hobane tlala e ne e le kgolo naheng ya Kanana.
Tlala ya eba teng naheng eo, ntle ho tlala e kileng ya eba teng pele, mehleng ya Aborahama. Yaba Isaka o ya Gerare, ho Abimeleke kgosi ya Bafilesita.
Mehleng ya Davida ha eba le tlala ka dilemo tse tharo, tse hlahlamanang. Davida a botsa Morena, mme Morena a re: “Tlala ena e teng ka baka la Saule le ba lelapa la hae, ba madi matsohong, hobane Saule o bolaile Bagibeone.”
Bana ke ditloholo tsa Salema: Betlelehema, Banetofa, le Atarote-Bete-Joabe, le halofo ya morabe wa Bamanahate, le Basora.
“Wena ngwana motho, ha setjhaba sa naha se ntshitelwa haholo ka ho ntlhokela botshepehi, ke tla otlollela letsoho la ka hodima naha eo, ke fedise dijo tsa naha eo, ke e tlisetse sekoboto, ke bolaye baahi ba yona, le diphoofolo tsa yona.
“Morena Modimo o bua tjena: Ho tla tshabeha hakaakang Jerusalema ha ke e romela dikotlo tsa ka tse nne, e leng sabole, sekoboto, dibatana le lefu la sewa, ho bolaya baahi ba naha eo le diphoofolo tsa yona!
Ke tla fedisa matla ao le ikgohomosang ka wona, lehodimo le ke ke la le nesetsa pula, mme lefatshe la lona le tla omella jwaloka tshepe.
“Metseng yohle ya lona ke le bolaisitse sekoboto, le metsaneng yohle ya lona bohobe ka bo qephisa, leha ho le jwalo ha le a ka la kgutlela ho nna,” ho rialo Morena.
“Ha e le wena Betlelehema Eferata, leha o le monyenyane hara meloko ya Juda, ho wena ho tla tswa mmusi wa Iseraele, eo leloko la hae le qalehileng kgale, la qaleha mehleng ya baholoholo.”
“O tla jala peo e ngata tshimong, empa o tla kotula hanyenyane, hobane ditsie di tla e ja.
Ho ne ho ena le mohlankana wa Molevi, wa lelapa la Juda, ya tswang Betlelehema e Juda, mme a jakile moo.
Monna eo a tloha motseng oo wa Betlelehema e Juda, ho ya jaka moo a ka fumanang tjako teng. Ha a ntse a tsamaya jwalo, a fihla naheng e maralla ya Efraime, tlung ya Mmika.