Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Ruthe 1:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Tshiung tseo ho neng ho busa baahlodi, tlala ya wela lefatshe la Iseraele. Yaba monna e mong wa Bethlehema-Juda o tloha, a ya jaka naheng ya Moabe, a ena le mosadi wa hae le bara ba hae ba babedi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Mehleng ya ha ho ne ho busa baahlodi, naha ya Iseraele ya eba le tlala. Monna e mong wa Betlelehema e Juda, a ena le mosadi wa hae le bara ba hae ba babedi, a ya jaka naheng ya Moabe.

Ver Capítulo Copiar




Ruthe 1:1
26 Referencias Cruzadas  

Jwale tlala ya eba teng lefatsheng leo; yaba Abrame o theohela Egepeta ho ya ahella teng, kahobane tlala e ne e le kgolo lefatsheng leo.


Jwale tlala ya boela ya eba teng lefatsheng leo, kantle ho tlala ya pele e bileng teng mehleng ya Abrahama; Isaaka a fallela Gerare, ha Abimeleke, morena wa Bafilesta.


Tlala ya nna ya tota lefatsheng. Eitse hobane ba qete koro eo ba neng ba e setse Egepeta, ntata bona a re ho bona: Boelang le ye ho re rekela dijonyana.


Mehleng ya Davida, tlala ya eba teng ka dilemo tse tharo tse hlahlamanang. Davida a botsa Jehova; mme Jehova a re: Ke ka baka la Saule le la ntlo ya hae e madi, kamoo a kileng a bolaya ba Gibeone kateng.


Elia a ya itlhahisa ho Akabe. Mme tlala e ne e le kgolo Samaria.


Salma ntata Bethlehema, Harefe, ntata Bethe-Gadere.


Bara ba Salma ke Bethlehema, Banethofathe, Athrothe-Bethe-Joabe, le mothapo o mong wa Bahammanahthi, le Batsore.


Yaba o biletsa naha eo tlala, a honyetsa kotlo yohle ya bohobe.


Lehwatata le behang a le fetola mobu wa letswai, ka baka la bolotsana ba baahi ba lona.


Ke lona lentswe la Jehova le kileng la tla ho Jeremia ka baka la dikomello.


Mora motho, ha lefatshe le itseng le ne le ka ntshitelwa ka ho tlola, mme ka le otlollela letsoho, ha ke ne nka le robela kotlo ya bohobe, ka le romela tlala, ka kgaola batho le dikgomo ho lona,


Hobane Morena Jehova o re: Etlare hobane ke neele dikahlolo tsena tsa ka tse mpe tse nne, e leng lerumo, le tlala, le dilalome tse bohale, le lefu la sewa, ho wela Jerusalema, hore ho kgaolwe batho le dikgomo teng,


Ke tla roba boikgohomoso ba matla a lona; ke tla etsa lehodimo la lona e ka tshepe, le naha ya lona e ke koporo.


Athe ke ne ke le hlahisetse tlala metseng ya lona yohle, le ho hlokeha ha bohobe dinqalong tsohle tsa lona; leha ho le jwalo, ha le a ka la kgutlela ho nna, ho bolela Jehova.


Empa, haele wena, Bethlehema-Efrata, leha o balwa o le monyenyane hara meloko ya Juda, ho wena ho tla ntswela eo e tla ba morena wa Iseraele, e leng yena ya leng teng esale tshimolohong, esale mehleng e sa qaleng.


O tla isa peo e ngata masimong a hao, empa o tla kotula ho seng hokae, hobane tsie e tla e ja.


Kamora hae, Ibtsane, wa Bethlehema, a ahlolela Iseraele.


Ho ne ho na le mohlankana wa Bethlehema-Juda, wa leloko la Juda, e le Molevi, a aheletse hona teng.


Monna eo a falla motseng wa Bethlehema-Juda, ho ya jaka moo a ka fumanang sebaka teng. A re a sa le leetong la hae, a fihla ha Mika, thabeng ya Efraime.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos