Numere 8:2 - BIBELE “Bua le Arone, o re ho yena: ‘Ha o hotetsa mabone, mabone ao a supileng a tla bonesa kapele ho sedulwana.’ ” Sesotho 1909/1961 (SO) Bua le Aarone, o re ho yena: Etlere ha o bea dilampi, o di lokise ka mokgwa wa hore dilampi tse supileng di hlahisetse lesedi la tsona kapele ho kandelare. |
“O tla se etsetsa mabone a supileng, lebone ka leng le bewe ka mokgwa wa hore le bonese sebaka se kapele ho lona.
A etsa mabone a sona a supileng, le matlao a sona, le dithotobolo tsa sona, ka kgauta e hlwekileng.
le sedulwana sa lebone sa kgauta e hlwekileng, mabone a sona a se a beilwe hantle; le tsohle tsa sona, le ole ya ho bonesa.
Hlahlobang molao le bopaki ba ka! Haeba ba sa bue ho ya ka dipolelo tsena, ke hobane ha ho na lesedi le ba tjhabelang.
Arone o tla bea mabone hodima sedulwana sa wona sa kgauta e hlwekileng, hore a tuke kamehla, kapele ho Morena.”
Arone a etsa jwalo, a hotetsa mabone hore a bonese kapele ho sedulwana, jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe.
Re bile re na le lentswe la baporofeta, le tshepahalang haholo, leo e ka bang hantle hore le le ele hloko, hobane le jwaloka lebone le kganyang lefifing, ho fihlela mesong ya Letsatsi lela, mohla Mphatlalatsane e tjhabelang dipelong tsa lona.
Ka reteleha ho bona hore na ke mang ya buang le nna, mme hoba ke etse jwalo, ka bona didulwana tsa mabone tsa kgauta tse supileng.
Ha e le sephiri sa dinaledi tse supileng, tseo o di boneng ka letsohong la ka le letona, le sa didulwana tsa mabone tsa kgauta tse supileng, ke sena: Dinaledi tse supileng ke baruti ba dikereke tse supileng, le didulwana tsa mabone tse supileng ke dikereke tseo tse supileng.”
Mahadima, le melumo, le letolo, di ne di betseha teroneng. Mabone a supileng a ne a tuka kapele ho terone: Ke meya e supileng ya Modimo.