Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 4:5 - BIBELE

5 Mahadima, le melumo, le letolo, di ne di betseha teroneng. Mabone a supileng a ne a tuka kapele ho terone: Ke meya e supileng ya Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Teroneng eo ho ne ho etswa mahadima, le diaduma, le mantswe; mme pela terone ho ne ho tuka dilampi tse supileng, tseo e leng Meya e supileng ya Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

5 Teroneng ho ne ho etswa mahadima, le diaduma, le mantswe, le dilampi tse supileng tsa mollo tse tukang pela terone, e leng Meya e supileng ya Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Teroneng ho ne ho etswa mahadima, le diaduma, le mantswe, le dilampi tse supileng tsa mollo tse tukang pela terone, e leng Meya e supileng ya Modimo.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 4:5
24 Referencias Cruzadas  

Yaba o re ho yena: “Ke nna Morena ya o ntshitseng Ure e naheng ya Bakalatiya, ho tla o nea naha ena hore e be ya hao.”


A etsa didulwana tsa mabone le mabone a tsona ka kgauta e hlwekisitsweng, e le hore a tle a nne a tuke kapele ho Sehalalelo jwalokaha ho ne ho laetswe.


Thoholetsang matla a Modimo; ke yena ya renang hodima Iseraele, matla a hae a marung.


Ka letsatsi la boraro, e sa le hoseng, ha eba teng diaduma le mahadima, le leru le letsho hodima thaba, le modumo o moholo wa lenaka; setjhaba sohle se diahelong sa thothomela.


Setjhaba sohle se ne se utlwa diaduma, le modumo wa lenaka; se bona mahadima le thaba e foqohang mosi, mme sa thothomela, sa emella hole.


“O tla se etsetsa mabone a supileng, lebone ka leng le bewe ka mokgwa wa hore le bonese sebaka se kapele ho lona.


A etsa mabone a sona a supileng, le matlao a sona, le dithotobolo tsa sona, ka kgauta e hlwekileng.


Tshobotsi ya dibopuwa tsena tse phelang e ne e ka mashala a hlenneng, kapa e ne e ka dirumola. Mollo oo o ne o tsekema hara dibopuwa tsena, o kganya haholo, mme lehadima le etswa ho wona.


Morena o tla puruma a le Sione, a thwathwaretse a le Jerusalema, mahodimo le lefatshe di reketle. Morena ke setshabelo sa tjhaba sa hae, ke qhobosheane ya tjhaba sa Iseraele.


La mpotsa, la re: “O bona eng?” Ka le araba, ka re: “Ha ke tadima, ke bona sedulwana sa mabone sa kgauta, se nang le sekgakeletso kahodimo. Mabone a supileng a hodima sehlomelo sena, le mapeno a supileng bakeng sa mabone ana a kahodima sedulwana sena.


“Mohlang oo Mmuso wa mahodimo o tla tshwana le barwetsana ba leshome, ba ileng ba nka mabone a bona, yaba ba tswa ho ya kgahlanyetsa monyadi.


“Ha e le nna, ke le kolobeletsa pako ka metsi. Athe ya tlang kamorao ho nna o mpheta ka matla, hoo ke sa tshwaneleng ho mo rola meqathatso; yena o tla le kolobetsa ka Moya o Halalelang le ka mollo.


Ba bona ho hlaha maleme a kang malakabe; a arohana, a dula ka bonngwe hodima e mong le e mong wa bona.


Nna Johanne, ke dumedisa dikereke tse supileng tse Asia, ke re: Le ke le newe mohau le kgotso ke ya leng teng, ya bileng teng, ya tlang ho tla; le ke meya e supileng e emeng kapele ho terone ya hae;


mme la howa ka lentswe le leholo, jwaloka tau ha e puruma. Hoba le howe, ha thwathwaretsa matolo a supileng.


Yaba ho bulwa tempele ya Modimo e lehodimong, mme ha bonahala areka ya selekane ka ho yona. Ha eba teng mahadima, le medumo, le letolo, le tshisinyeho ya lefatshe, le sefako se dinaka.


“Ngolla moruti wa kereke e Saredeise, o re: “Tsena di bolelwa ke ya nang le meya e supileng ya Modimo, le dinaledi tse supileng, o re: Ke tseba mesebetsi ya hao, le hore o tumme ka hore o a phela, athe o shwele.


Jwale ka bona Konyana e emeng bohareng ba terone, e teetswe hare ke dibopuwa tse nne tse phelang, le ke baholo. Konyana e ne e bonahala eka e hlabilwe. E ne e ena le dinaka tse supileng le mahlo a supileng, e leng meya e supileng ya Modimo, e rometsweng lefatsheng lohle.


Yaba lengeloi le nka pitsa eo ho tjhesetswang mokubetso ka ho yona, le e tlatsa ka mollo o tswang aletareng, mme le e akgela lefatsheng. Ha eba le letolo, le medumo, le mahadima, le tshisinyeho ya lefatshe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos