Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 24:4 - BIBELE

4 Arone o tla bea mabone hodima sedulwana sa wona sa kgauta e hlwekileng, hore a tuke kamehla, kapele ho Morena.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 O tla lokisa dilampi kandelareng ya kgauta e tshekilweng, hore di nne di tuke kamehla pela Jehova.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 24:4
19 Referencias Cruzadas  

le didulwana tsa mabone tsa kgauta e hlwekileng, tse beilweng kapele ho Sehalalelo; tse hlano tsa didulwana di le ka letsohong le letona, tse hlano ka ho le letshehadi; le dipalesa, le mabone, le matlao a kgauta;


A mmolella le boima ba kgauta e tla etsa didulwana tsa mabone, le e tla etsa mabone, le boima ba silefera e tla etsa didulwana tsa mabone, le e tla etsa mabone, ho ya kamoo sedulwana ka seng se tla sebediswa kateng.


Ba bile ba kwetse menyako ya lethule, ba tima le mabone, mme ha ba sa tjhesa le mokubetso, kapa ho etsetsa Modimo wa Iseraele dinyehelo tsa setjheso sebakeng sena se halalelang.


le tafole, le tsohle tsa yona; le sedulwana sa lebone sa kgauta e hlwekileng, le tsohle tsa sona; le aletare ya mokubetso,


le sedulwana sa lebone sa kgauta e hlwekileng, mabone a sona a se a beilwe hantle; le tsohle tsa sona, le ole ya ho bonesa.


Molaodi wa balebedi a nka le dipane le dikotlolo, le dipitsa le didulwana tsa mabone, le dikgaba le mehope, le dintho tse ding tse entsweng ka kgauta le ka silefera.


Ka tsatsi le leng le le leng, ho tloha ka phirimana ho fihlela hoseng, Arone o tla le kgantsha ka Tenteng ya Morena, kapele ho Morena, ka kwano ho lesira le siretseng areka ya selekane. Ona ke molao wa mehla yohle melokong ya lona.


Mosebetsi wa bona e ne e le ho hlokomela areka, le sedulwana sa lebone, le dialetare, le dijana tse Sehalalelo tseo ba sebeletsang ka tsona; le lesira, le ditshebeletso tsohle tsa sona.


“Ba nke lesela le leputswa, ba kwahele sedulwana sa lebone, le mabone a sona, le matlao a sona, le dithotobolo tsa sona, le dijana tsohle tse tshelang ole, tseo ba sebeletsang ka tsona.


“Bua le Arone, o re ho yena: ‘Ha o hotetsa mabone, mabone ao a supileng a tla bonesa kapele ho sedulwana.’ ”


Ho ile ha hlongwa Tente, eo karolo ya yona ya pele e neng e bitswa Sehalalelo. Ka ho sona ho ne ho ena le sedulwana sa mabone, tafole, le bohobe bo halalelang.


Ha e le sephiri sa dinaledi tse supileng, tseo o di boneng ka letsohong la ka le letona, le sa didulwana tsa mabone tsa kgauta tse supileng, ke sena: Dinaledi tse supileng ke baruti ba dikereke tse supileng, le didulwana tsa mabone tse supileng ke dikereke tseo tse supileng.”


Dipaki tsena ke difate tse pedi tsa mohlwaare, le didulwana tsa mabone tse pedi, tse emeng kapele ho Morena wa lefatshe.


Hopola he, hore na o wele ha o le hokae; o bake, mme o boele o phethe mesebetsi ya hao ya pele. Ho seng jwalo, ke tla tla ho wena, ke tlose sedulwana sa lebone la hao tulong ya sona, haeba o sa bake.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos