Tsena tsohle o di nee Arone le bara ba hae, ba tle ba nyehele ka tsona, ka ho di akgotsa kapele ho Morena.
Numere 8:11 - BIBELE Arone a nyehele ka Balevi kapele ho Morena, e le nyehelo e akgotswang, e tswang ho bana ba Iseraele, hore Balevi ba tle ba sebeletse Morena. Sesotho 1909/1961 (SO) Aarone o tla hlahisa Balevi ka lebitso la bana ba Iseraele, e be kabelo e tsokotswang pela Jehova, hore ba tle ba etse tshebetso ya Jehova. |
Tsena tsohle o di nee Arone le bara ba hae, ba tle ba nyehele ka tsona, ka ho di akgotsa kapele ho Morena.
O tla tlisetsa Morena nyehelo ya setjheso ka matsoho a hae; o tla tlisa mafura le sefuba hore a tle a se akgotse kapele ho Morena, e le nyehelo e akgotswang.
Sehlabelong sa nyehelo ya teboho, ya bana ba Iseraele, ke nkile sefuba sa nyehelo e akgotswang, le serope sa nyehelo e phahamisetswang hodimo, ke di neile moprista Arone le bara ba hae; ke molao wa mehla yohle.’ ”
Tsena tsohle a di bea diatleng tsa Arone le diatleng tsa bara ba hae, mme Moshe a di akgotsa, e le nyehelo e akgoletswang Morena.
Moshe a nka sefuba, a se akgotsa e le nyehelo e akgoletswang Morena. Ya eba seabo sa Moshe se tswang pheleung ya kgalaletso, jwalokaha Morena a ne a mo laetse.
Moprista o tla di akgotsa, e le nyehelo e akgotswang kapele ho Morena. Di a halalela, mme ke tsa moprista, hammoho le sefuba sa nyehelo e akgotswang, le sephaka sa nyehelo e phahamiswang. Kamora moo mokgethwa o tla nwa veine.
Ka yona nako eo Morena a khetha ba morabe wa Levi, hore ba jare areka ya selekane sa Morena, ba eme kapele ho Morena, ba mo sebeletse, ba hlohonolofatse ka lebitso la hae ho fihlela kajeno.