Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 6:20 - BIBELE

20 Moprista o tla di akgotsa, e le nyehelo e akgotswang kapele ho Morena. Di a halalela, mme ke tsa moprista, hammoho le sefuba sa nyehelo e akgotswang, le sephaka sa nyehelo e phahamiswang. Kamora moo mokgethwa o tla nwa veine.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 moprista o tla di tsokotsa jwaloka nyehelo e tsokotswang pela Jehova: ke ntho e kgethehileng ya moprista hammoho le sefuba se tsokotswang le letsoho le emisitsweng. Kamora tseo, monasari a ka nwa veine.

Ver Capítulo Copiar




Numere 6:20
24 Referencias Cruzadas  

Eya, o itjelle dijo ka thabo, o inwelle veine o nyakaletse, hoba Modimo o sa kgahlisitswe ke ketso tsa hao.


Thabeng ena Morena wa mabotho o tla etsa mokete, a etsetse tjhaba tsohle mokete wa dimonate, a o etse ka veine e ritelehile, dijo di le monate, veine e ritelehile.


Balopollwa ba Morena ba tla kgutla ka yona, ba kene Sione ba bina ka nyakallo, thabo ya kamehla e be mefaphahlooho ya bona, thabo le nyakallo di ba aperele, maswabi le masisipelo wona a ba tlohele.


Ba tlise serope sa nyehelo e phahamisetswang hodimo, le sefuba sa nyehelo e akgotswang, mmoho le nyehelo ya setjheso sa mafura, ho tla di akgotsa e le nyehelo e akgotswang kapele ho Morena. Tsena e tla ba tsa hao, le tsa bara ba hao, e be seabo sa hao sa mehla yohle, jwalokaha Morena a laetse.”


Yena o tla akgotsa ngata eo kapele ho Morena, e le hore le tle le amohelehe. Moprista o tla e akgotsa hoseng ha letsatsi le hlahlamang la phomolo.


O tla tlisetsa Morena nyehelo ya setjheso ka matsoho a hae; o tla tlisa mafura le sefuba hore a tle a se akgotse kapele ho Morena, e le nyehelo e akgotswang.


Moprista o tla tjhesetsa mafura ao hodima aletare, empa sefuba e tla ba sa Arone le bara ba hae.


Sehlabelong sa hao, sa nyehelo ya teboho, o tla nea moprista serope sa tsoho le letona, e le nyehelo e akgotswang.


Sehlabelong sa nyehelo ya teboho, ya bana ba Iseraele, ke nkile sefuba sa nyehelo e akgotswang, le serope sa nyehelo e phahamisetswang hodimo, ke di neile moprista Arone le bara ba hae; ke molao wa mehla yohle.’ ”


Empa difuba le serope sa letsoho le letona Arone a di akgotsa pela Morena, e le nyehelo e akgotswang, jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe.


Ba Efraime e tla ba dinatla tsa batho, pelo tsa bona di nyakalle ke thabo, di nyakalle, e ke ba nwele veine. Bana ba bona ba tla bona, ba be ba thabe, pelo tsa bona di nyakallele Morena.


Morena wa mabotho o tla ba sireletsa, dira tsa bona ba tla di timetsa, ba di hlole ka majwe a matjeketjane. Madi a tsona ba tla a nwa sa veine, ba sasamatse dimpa sa lefiswana le tletse, ba a kganathele sa manaka a aletare.


Ba tla kgahleha, ba be batle hakaakang! Koro e tla matlafatsa bahlankana, veine e ntjha e matlafatse barwetsana.


Nama ya matsibolo ana e tla ba ya hao, jwalokaha sefuba sa nyehelo e akgotswang, le jwalokaha serope sa yona sa letsoho le letona e le tsa hao.


Ebe moprista o nka nyehelo ya phofo, ya lefufa, e matsohong a mosadi, o e akgotsa kapele ho Morena, ebe o e isa aletareng.


“ ‘Ona ke molao wa mokgethwa wa Modimo, ya ikanneng. Ena ke nyehelo ya hae ho Morena, ka baka la kgalaletso ya hae, feela ho sa balwe tse ding, tseo a ka tsebang ho di tlisa. Kathoko ho tsena tse hlokwang ke molao wa kgalaletso, mokgethwa wa Modimo o tla phetha tsohle ho ya ka kano eo a ikanneng ka yona.’ ”


Ke a le bolella, ho tloha jwale ha nka ke ka nwa seno se tswang tholwaneng ya morara ho fihlela letsatsing leo ke tla se nwa le lona Mmusong wa Ntate se le setjha.”


Kannete ke a le bolella, ha nka ke ka hlola ke enwa se tswang tholwaneng ya morara, ho fihlela letsatsing leo ke tla se nwa se le setjha Mmusong wa Modimo.”


Jwale ha Jesu a nwele asene, a re: “Ho phethahetse!” A kebisa hlooho, a neela moya.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos