Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 6:19 - BIBELE

19 “ ‘Moprista o tla nka sephaka sa pheleu, se phehilweng; le leqebekwane le le leng le sa lomoswang, le ka serotong; le moqathane o le mong o sa lomoswang, mme tsena a di bee matsohong a mokgethwa, ha a qetile ho beola hlooho ya hae e halaleditsweng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Moprista o tla nka letsoho la pheleu le butswitseng, le senkgwana se seng se se nang ditomoso, le leqebekwane le leng le se nang ditomoso; o tla di bea diatleng tsa monasari, hlooho e kgethehileng ya hae ha e se e beotswe;

Ver Capítulo Copiar




Numere 6:19
7 Referencias Cruzadas  

Morena a bua ho Moshe, a re:


O tla tlisetsa Morena nyehelo ya setjheso ka matsoho a hae; o tla tlisa mafura le sefuba hore a tle a se akgotse kapele ho Morena, e le nyehelo e akgotswang.


Tsena tsohle a di bea diatleng tsa Arone le diatleng tsa bara ba hae, mme Moshe a di akgotsa, e le nyehelo e akgoletswang Morena.


Moshe a re ho Arone le ho bara ba hae: “Phehelang nama ena monyakong wa Tente ya Morena, mme le e jele moo, le bohobe bo ka serotong sa dinyehelo tsa kgalaletso, jwalokaha Morena a laetse, a re: ‘Arone le bara ba hae ba tla di ja.’


“Bua le bana ba Iseraele, o re ho bona: ‘Ha monna kapa mosadi a etsa kano e kgethehileng, e leng kano ya mokgethwa, ya ho ikabela Morena,


E, le pele ba tjhesa mafura, mohlanka wa moprista o ne a ye a tle, a re ho monna ya etsang sehlabelo: “Fana ka nama e tla besetswa moprista, hobane ho wena a ke ke a nka nama e phehilweng, haese e tala feela.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos