Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 6:18 - BIBELE

18 “ ‘Mokgethwa o tla beola hlooho ya hae e halalelang, a le monyakong wa Tente ya Morena, mme a nke moriri wa hlooho eo e halalelang, a o akgele mollong o besitsweng katlasa sehlabelo sa nyehelo ya teboho.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Monasari o tla beola hlooho e kgethehileng ya hae monyako wa tente ya pokano; o tla nka moriri wa hlooho e kgethehileng ya hae, mme a o kenye mollong o katlasa sehlabelo sa teboho.

Ver Capítulo Copiar




Numere 6:18
9 Referencias Cruzadas  

Ka pheleu le ka seroto se nang le bohobe bo sa lomoswang, moprista o tla etsetsa Morena sehlabelo sa nyehelo ya teboho, mme moprista a be a mo etsetse le nyehelo ya dijo, le nyehelo ya dino.


“ ‘Ka matsatsi wohle a ho ikanela bokgethwa, a se ke a beola moriri wa hae. Ho fihlela matsatsi a hae a ho ikabela Morena a fela, o tla halalela. O tla tlohela moriri wa hae o hole, o be sehlotho.


“ ‘Haeba motho a eshwa hanghang pela moo mokgethwa a leng teng, mme a silafatsa hlooho ya hae e halaleditsweng, o tla beola hlooho ya hae mohla letsatsi la tlhwekiso ya hae; o tla beola ka letsatsi la bosupa.


Ka mokgwa oo le lona, ha le entse tsohle tseo le di laetsweng, ereng: ‘Re bahlanka ba se nang thuso, re entse seo re neng re tshwanetse ho se etsa.’ ”


Paulosi ha a se a hlotse Korinthe matsatsi a mangata, a dumedisa badumedi, a kena ka sekepeng ho tshelela Siria, a ena le Prisilla le Akulase. Ha a le Kenkeria a ikuta lekorana, hobane o ne a entse kano.


Ka lebaka leo, etsa seo re o bolellang sona: Re na le banna ba bane, ba ikanneng.


Ba nke, o itlhwekise le bona, o ba lefelle hore ba beolwe dihlooho. Bohle ba tla tseba hore ha ho letho ditabeng tseo ba ileng ba di bolellwa ka wena, empa le wena o ntse o tsamaya o bolokile Molao.


Yaba ka letsatsi le hlahlamang Paulosi o nka banna bao, mme hoba a itlhwekise le bona, a kena ka Tempeleng, a bolela letsatsi leo nako ya tlhwekiso e tla fela ka lona, ho nto hlahiswa nyehelo bakeng sa e mong le e mong wa bona.


e le hore re rorise mohau o tlotlehang wa hae, oo a re hauhetseng ka wona, ka Mora wa hae ya ratwang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos